Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 7:9 - BIBELE

9 Harebona, e leng e mong wa mahaole a sebeletsang kgosi, a re: “Bonang! Lapeng ha hae, Hamane o hlomme sefate seo ho fanyehwang batho ho sona, se bophahamo ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi. O se hlometse ho fanyeha Moredekai ya neng a bolelle kgosi taba tse ileng tsa e tswela molemo.” Yaba kgosi e re: “Fanyehang Hamane hona sefateng seo!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Tona e nngwe, Karbona, ya re ho morena: Bona, sefate se bolelele ba ditswe tse mashome a mahlano, seo Hamane a se emiseditseng Mordekai, ya buileng hantle bakeng sa morena, se hlomilwe tlung ya Hamane. Morena a re: Mo fanyeheng ho sona.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 7:9
20 Referencias Cruzadas  

Jehu a tadima fesetereng, a re: “Ke mang ya ka lehlakoreng la ka? Ke mang?” Yaba basebeletsi ba babedi kapa ba bararo ba a mo tadima.


Ka letsatsi la bosupa, ha kgosi e thabisitswe ke ho nwa veine, ya bitsa Mehumane, le Biseta, le Harebona, le Bigita, le Abakata, le Setare, le Karakase, e leng mahaole a supileng a neng a sebeletsa kgosi.


Bo-Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle yohle ya hae, ba re ho yena: “A re hlomeng sefate seo ho fanyehwang batho ho sona, se bophahamo ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme hosasane o bue le kgosi hore Moredekai a fanyehwe ho sona, ebe jwale o ya moketeng le kgosi, ho ya ithabisa.” Taba ena ya kgahla Hamane, a ba a re ho hlongwe sefate seo ho fanyehwang batho ho sona.


Yare ba sa ntsane ba buisana le yena, mahaole a kgosi a fihla, a potlakisetsa Hamane moketeng oo Esetere a o lokisitseng.


Ha fumanwa bukeng eo ho ngotswe hore Moredekai o kile a sebela kgosi tsa morero wa bo-Bigitane le Tereshe wa ho bolaya kgosi. Bana e ne e le mahaole a mabedi a kgosi, e bile e le balebedi ba monyako, ba neng ba batla ho bolaya kgosi Ahashuerushe.


Yaba kgosi Ahashuerushe o re ho mofumahadi Esetere le ho Moredekai wa Mojuda: “Bonang mona, ke neile Esetere dintho tsohle tsa Hamane, mme Hamane yena ba se ba mo fanyehile sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona, hobane o ne a rerile ho timetsa Bajuda.


Yaba kgosi e laela hore ho etswe jwalo. Ha ntshwa taelo Shushane, mme bara ba Hamane ba leshome ba fanyehwa.


Empa eitse ha Esetere a fihla kapele ho kgosi, yaba kgosi e laela ka mangolo hore morero wa Hamane o kgopo, oo a o reretseng Bajuda, o boyane le yena, le hore yena le bara ba hae ba fanyehwe sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona.


Bohle ba kgopo ba ke ba wele marabeng a bona, ha nna ke phonyoha.


Tlokotsi e ke e ba wele hodimo, e ba wele ka tsometso; ba ke ba tshwaswe ke leraba leo ba le tjhehileng, ba wele lemeneng leo ba le tjhekileng.


ba fetoha lesupi ka ho panya ha ntshi, ba fedile, qetello ya bona ke e tshosang.


Kgosi ya laela hore ho tliswe banna ba ileng ba qosa Daniele, mme banna bao, le bana ba bona, le basadi ba bona ba akgelwa ka mokoting o moholo wa ditau. Hang feela ba eso ka ba re qi! fatshe, kahara ditau, ditau tseo tsa ba qhautsa, tsa ba robokela kaofela ha bona.


Baokamedi bohle ba puso, le babusisi, le mahosana, le baeletsi, le balaodi, ba dumellane kaofela hore kgosi e etse molao, e be e laele ka thata hore ka matsatsi a mashome a mararo a tlang, mang kapa mang ya tla etsa thapedi ho modimo osele kapa ho motho e mong, haese ho wena feela, kgosi, a akgelwe ka mokoting o moholo wa ditau.


Yaba Davida o mathela ho Mofilesita, o fihla a mo okamela, a tsomula sabole ya Goliate selateng sa yona, a mmolaya ka ho mo kgaola hlooho ka sabole eo. Ha Bafilesita ba bona hore senatla sa bona se shwele, ba phasaphasa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos