Esthere 7:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)8 Morena a kgutla tshimong ya ntlo ya borena, a boela tlung moo ho neng ho nowa veine. Athe Hamane o ne a itihetse malaong ao Esthere a sekameng ho wona. Morena a re: Na ke ho re, o ya tsohela mofumahadi matla hona pela ka, tlung ya ka na? Taba eo yare e sa tswa molomong wa morena, ha kgurumetswa sefahleho sa Hamane. Ver CapítuloBIBELE8 Kgosi ya kgutla serapeng sa ntlo ya kgosi, ya boela moketeng wa ho nwa veine. Hamane yena o ne a wetse hodima setulo sa sofa seo Esetere a neng a dutse ho sona. Yaba kgosi e re: “Na ke hore o tla be a bete mofumahadi ke ntse ke le kamoo ka tlung?” Hanghang hoba kgosi e rialo, mahaole a kgurumetsa sefahleho sa Hamane. Ver Capítulo |
Teng, ho ne ho na le masela a lene e tshweu, le a sei, le a purepera, a neng a fanyehilwe ka dikgole tsa lene le tsa sekarelata masaleng a silefera le ditshiyeng tsa maramore e tshweu; hape, ho ne ho na le malao a kgauta le silefera mokatong wa porfira, le wa maramore e tshweu, le wa dikgetla, le wa majwe a matsho.