Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 7:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Yaba morena, kgalefong ya hae, o tloha dijong, a ikela tshimong ya ntlo ya borena; Hamane yena a mpa a ema moo, a tle a rapelle bophelo ba hae ho mofumahadi Esthere hobane o ne a bontshisitse hoba lefu la hae le se le rerilwe ke morena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Kgosi ya ema e loloma ke bohale, ya siya mokete hoja ho nowa veine, ya ya ka serapeng sa ntlo ya kgosi. Hamane yena a sala, a kopa mofumahadi Esetere hore a mpe a baballe bophelo ba hae, hobane o ne a lemohile hore kgosi e mo reretse bobe.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 7:7
14 Referencias Cruzadas  

Empa mofumahadi Vashti a hana ho tla ka molomo wa morena o isitsweng ho yena ke matona. Morena a halefa haholo ke hona, mme bohale ba hae ba tuka kahare ho yena.


Tshiu tseo ha di fetile, morena a etsetsa setjhaba sohle se Susane, motse wa moreneng, ho qala ka ba baholo ho isa ho ba banyenyane, seboka sa tshiu tse supileng, kahare ho motero wa dirapa tsa ntlo ya morena.


Yaba ba fanyeha Hamane sefateng se neng se lokiseditswe Mordekai, mme kgalefo ya morena ya kokobela.


E mobe o tla bona hoo, a hlokofale ke hona; o tla tsikitlanya meno, a omelle. Ditakatso tsa ba babe di tla etswa lefeela.


E mobe o inama pela motho ya molemo, le ba lonya pela monyako wa ba lokileng.


Mohlanka ya hlalefileng o kgahleha ho morena, empa eo o halefela ya hlabisang dihlong.


Kgalefo ya morena e jwaloka lenqosa la lefu, empa motho ya bohlale o tla e thoba.


Kgalefo ya morena a jwaloka ho rora ha tau, empa lerato la hae le jwaloka phoka hodima jwang.


Bara ba bahlorisi ba hao ba tla tla ho wena, ba ikokobeditse; ba o nyatsitseng kaofela ba tla inama maotong a hao; ba tla o bitsa: motse wa Jehova, Sione wa Mohalaledi wa Iseraele.


Yaba Nebukadnesare o tlala bohale, sefahleho sa hae sa hlwenyetsa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, a laela hore ho beswe sebopi hasupa ho fetisa kamoo ba neng ba se besa kateng mehla.


Bona, ke o neela ba bang ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba le leshano. Bona, ke tla ba tlisa hore ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tla tseba hobane ke o ratile.


Ha a ka re: Ke teng, e tla ba kgotso ho mohlanka wa hao; ha a halefa haholo, o tsebe hobane o hopotse bobe.


Jonathane a re: Tjhe, ho ke ke ha eba jwalo. Leha nka tsebisisa bobe bo hopoletsweng wena ke ntate, ha ke re, ke ne ke tla o tsebisa na?


Jwale, o ka tseba, le ho bona seo o ka se etsang; hobane monga rona le bohle ba ntlo ya hae ba se ba reretswe bobe; hape, ke motho ya bohale, ha ho motho ya ka buang le yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos