Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 7:7 - BIBELE

7 Kgosi ya ema e loloma ke bohale, ya siya mokete hoja ho nowa veine, ya ya ka serapeng sa ntlo ya kgosi. Hamane yena a sala, a kopa mofumahadi Esetere hore a mpe a baballe bophelo ba hae, hobane o ne a lemohile hore kgosi e mo reretse bobe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Yaba morena, kgalefong ya hae, o tloha dijong, a ikela tshimong ya ntlo ya borena; Hamane yena a mpa a ema moo, a tle a rapelle bophelo ba hae ho mofumahadi Esthere hobane o ne a bontshisitse hoba lefu la hae le se le rerilwe ke morena.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 7:7
14 Referencias Cruzadas  

Empa mofumahadi Fashiti a hana ho tla ha mahaole a mo tsebisa taelo ya kgosi. Ka baka lena, kgosi ya halefa haholo, mme kgalefo ya yona ya tlokoma.


Ha matsatsi ana a se a fetile, kgosi ya etsetsa setjhaba sohle sa yona mokete motseng wa Shushane, e leng motse wa bokgosi. Mokete ona wa etsetswa mahosana le bafo, mme wa qeta matsatsi a supileng. O ne o tshwaretswe mabaleng a serapa sa ntlo ya kgosi.


Yaba ba fanyeha Hamane hona sefateng sona seo Hamane a neng a se etseditse Moredekai. Jwale kgalefo ya kgosi ya kokobela.


Ya kgopo ha a bona hoo, o a tlallana, o tsikitlanya meno, o a monyela; takatso ya ya kgopo e tla fela.


Ba kgopo ba kgumama kapela ba lokileng, baetsadibe bona kapela kgoro tsa ba lokileng.


Kgosi e kgahlwa ke mohlanka ya bohlale, athe ya hlabisang dihlong yena e a mo halefela.


Kgalefo ya kgosi e tshwana le ya tlisang pehi, empa ya bohlale o kokobetsa kgalefo.


Kgalefo ya kgosi e jwaloka tau ha e puruma, mohau wa yona o jwaloka phoka hodima jwang.


Bara ba bahatelli ba hao ba tla o obamela, bohle ba neng ba o nyedisa ba koqame maotong a hao, ebe ba o bitsa Motse wa Morena, Sione ya Ya Halalelang wa Iseraele.


Jwale kgalefo ya Nebukadenesare ya tlokoma, a sosobanyetsa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego sefahleho. A laela hore sebopi sa mollo se beswe hasupa ho feta mehla.


“Bona, ke tla o neela ba bang bao e leng ba phutheho ya Satane, ba reng ke Bajuda, empa e se bona, ba le leshano. Ke tla etsa hore ba tlo kgumama maotong a hao, mme ba tla tseba hore ke o ratile.


Haeba a ka re: ‘Ho lokile,’ mohlanka wa hao o tla phutholoha, empa haeba a ka halefa, o tsebe hore o ntheretse bobe.


Yaba Jonathane o re: “O se ke wa hopola ntho e jwalo! Haeba ke ne ke tseba hore ntate o o reretse bobe, na ke ne nke ke ka o bolella?”


Ka baka leo, imamelle hore na o tla etsa jwang hobane monga rona, le bohle ba lelapa la hae, ba reretswe bobe. Monga rona ke motho ya kgopo hoo ho seng motho eo a ka mo mamelang.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos