Esthere 2:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)14 O ne a kena teng ka shwalane; ka hosasa, o ne a kgutlela tlung ya bobedi ya basadi, kalosong ya Shaashgase, tona ya morena, modisa wa direthe; o ne a sa boele a kena ho morena, haese ha a ne a lakatswa ke morena, a bile a bitsitswe ka lebitso la hae. Ver CapítuloBIBELE14 Mantsiboya o ne a ye a kene ka tlung ya kgosi, hoseng a kgutlele tlung esele, eo ho dulang basadi ho yona, e neng e le bodiseng ba Shaashagase, lehaole la kgosi, le neng le lebela basadi ba kgosi ba mafielo. Kamorao ho moo ebe ha a sa kgutlela ho kgosi hape, haese haeba kgosi e kgahlilwe ke yena, mme ya jwalo o ne a thonngwa ka lebitso. Ver Capítulo |
Bahlanka bohle ba morena le setjhaba sa dinaha tsa morena, ba tseba hoba motho, kapa e leng monna, kapa e leng mosadi, ha a ka kena ho morena lebaleng le kahare a sa bitswa, molao o teng o sa fetoheng o laelang hore a bolawe, haese ha morena a ka mo nanabelletsa lere la hae la kgauta, a tle a phele; athe nna ha ke eso ho bitswe hore ke kene ho morena e se e le tshiu tse mashome a mararo.