Esthere 2:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)15 Haele Esthere, moradi wa Abikaile, maloma Mordekai, ya neng a mo nkile, a mo etsa moradi wa hae, mohla ho fihlang nako ya hae ya ho kena ho morena, ha a ka a kopa letho haese seo a neng a se boleletswe ke Hegai, tona ya morena, modisa wa basadi; mme Esthere o ne a fumana mohau ho bohle ba mmonang. Ver CapítuloBIBELE15 Ha nako ya Esetere ya hore a kene ka ho kgosi e fihla, a se ke a batla letho ha e se feela seo Hegai, lehaole la kgosi, molebedi wa basadi, a ileng a mo nea sona. Moredekai o ne a nkile Esetere jwalokaha eka ke moradi wa hae athe e ne e le moradi wa Abihaele, maloma Moredekai. Esetere a ratwa ke bohle ba neng ba mo tadimile. Ver Capítulo |