Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Esthere 2:14 - BIBELE

14 Mantsiboya o ne a ye a kene ka tlung ya kgosi, hoseng a kgutlele tlung esele, eo ho dulang basadi ho yona, e neng e le bodiseng ba Shaashagase, lehaole la kgosi, le neng le lebela basadi ba kgosi ba mafielo. Kamorao ho moo ebe ha a sa kgutlela ho kgosi hape, haese haeba kgosi e kgahlilwe ke yena, mme ya jwalo o ne a thonngwa ka lebitso.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 O ne a kena teng ka shwalane; ka hosasa, o ne a kgutlela tlung ya bobedi ya basadi, kalosong ya Shaashgase, tona ya morena, modisa wa direthe; o ne a sa boele a kena ho morena, haese ha a ne a lakatswa ke morena, a bile a bitsitswe ka lebitso la hae.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 2:14
8 Referencias Cruzadas  

Mohlankana a se ke a ba a dieha ho phetha taba eo, hobane o ne a kgahlilwe ke moradi wa Jakobo. Shekeme o ne a hlomphuwa ho feta bohle lapeng labo.


Ka mokgwa o tjena, morwetsana e mong le e mong o ne a etla kapele ho kgosi. Eng kapa eng eo a neng a e batla o ne a e newa, a tswe le yona ka tlung eo ho dulang basadi ho yona, a ye le yona ka tlung ya kgosi.


Ha nako ya Esetere ya hore a kene ka ho kgosi e fihla, a se ke a batla letho ha e se feela seo Hegai, lehaole la kgosi, molebedi wa basadi, a ileng a mo nea sona. Moredekai o ne a nkile Esetere jwalokaha eka ke moradi wa hae athe e ne e le moradi wa Abihaele, maloma Moredekai. Esetere a ratwa ke bohle ba neng ba mo tadimile.


“Bahlanka bohle ba kgosi, le setjhaba sohle se dinaheng tsa kgosi, ba a tseba hore mang kapa mang, e ka ba monna kapa mosadi, ya kenang ka seotlwaneng se kahare sa kgosi, a sa bitswa, molao o mong feela: Ke hore a bolawe, haese feela eo kgosi e ka mo supang ka lere la yona la kgauta, hore a se ke a bolawa. Empa e se e le matsatsi a mashome a mararo ke eso ka ke bitswa hore ke ye ho kgosi.”


Empa jwale, ke sena seo Morena a se bolelang, yena ya o bopileng, wena Jakobo, yena ya o entseng, wena Iseraele: “O se ke wa tshaba, hobane ke o lopolotse; ke o bitsitse ka lebitso, ke o bitsitse, o wa ka.


Ka baka la Jakobo, mohlanka wa ka, ka baka la Iseraele, mokgethwa wa ka, ke o bitsitse ka lebitso la hao, ka o rea bitso le hlomphehang leha o sa ka ntseba.


Empa haeba o se o sa mo rate, o tla mo lokolla, a ikele moo a ratang. Feela ho hang o se ke wa mo rekisa hore o fumane tjhelete. O se ke wa mo etsa jwalokaha eka ke lekgoba, hobane o ile wa mo nyala ka ho mo qobella.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos