Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 1:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mehleng ya Assueruse, — ke Assueruse eo ya neng a busa dinaha tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e supileng, ho tloha India ho ya fihla Ethiopia, —

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Taba tsena di etsahetse mehleng ya Ahashuerushe ya neng a busa dinaha tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng, e leng ho tloha naheng ya India ho ya fihla naheng ya Kushe.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 1:1
10 Referencias Cruzadas  

Mehleng ya morena Assueruse, qalong ya puso ya hae, ba ngola lengolo la ho qosa ba ahileng Juda le Jerusalema.


Morena Assueruse a ntshisa lefatshe la hae le dihlekehleke tsa lewatle lekgetho.


mme dinaheng tsohle tsa mmuso wa hae morena a ke a laele manqosa hore a bokelle barwetsana bohle ba batle ba dikgarebe, ba tliswe Susane, motse wa moreneng, tlung ya basadi, kalosong ya Hegai, tona ya morena le modisa wa basadi;


Yaba bangodi ba morena ba bitswa ka yona nako eo, le leng ka la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya boraro, e leng kgwedi ya Sifane; ha ngolwa kahohle kamoo Mordekai a laelang kateng; ha ngollwa Bajuda le matona a marena, le babusisi le dihlooho tsa dinaha, ho tloha India ho isa Ethiopia, e leng dinaha tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e supileng, ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, le Bajuda ka mongolo le ka puo ya bona.


Bajuda kaofela, ba leng dinaheng tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng tsa mmuso wa Assueruse, ba romelwa mangolo a ditaba tsa kgotso, le tsa nnete,


Jo! lefatshe la ditseetse e le mose ho dinoka tsa Ethiopia,


Teng, a utlwa ho thwe: Tirhaka, morena wa Ethiopia, o tla ho o lwantsha. Ha a utlwa taba eo, a romela manqosa ho Esekiase, a re ho wona: Le bolelle Esekiase, morena wa Juda, le re:


Jwale, ke ya o senolela nnete. Bona, marena a mararo a sa tla ba teng ho Bapersia, mme wa bone o tla rua leruo le fetisang la a mang kaofela; etlare hobane a iphe matla ka maruo a hae, o tla ipiletsa bongata bohle ho futuhela mmuso wa Bagerike.


Dariuse a rata ho bea mmusong marenana a lekgolo le nang le mashome a mabedi,


Ka selemo sa pele sa ho busa ha Dariuse, mora wa Assueruse, wa lesika la Bamede, ya neng a beilwe morena wa mmuso wa Bakalde,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos