Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 1:1 - BIBELE

1 Taba tsena di etsahetse mehleng ya Ahashuerushe ya neng a busa dinaha tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng, e leng ho tloha naheng ya India ho ya fihla naheng ya Kushe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mehleng ya Assueruse, — ke Assueruse eo ya neng a busa dinaha tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e supileng, ho tloha India ho ya fihla Ethiopia, —

Ver Capítulo Copiar




Esthere 1:1
10 Referencias Cruzadas  

Ha Ahashuerushe a qala ho busa, bahanyetsi ba mo ngolla lengolo, leo ka lona ba qosang baahi ba naha ya Juda le ba Jerusalema.


Kgosi Ahashuerushe a ntshisa naha ya hae le dihlekehleke lekgetho.


Kgosi e kgethe bahlankana dinaheng tsohle tseo e di busang, hore ba kgobokanye barwetsana bohle ba batle, ba ba tlise Shushane, tlung eo basadi ba dulang ho yona, e bodiseng ba Hegai, e leng lehaole la kgosi le lebelang basadi. Barwetsana bana ba fuwe ditlolo tseo ba itlotsang ka tsona.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya boraro, e leng kgwedi ya Phuptjane, bangodi ba kgosi ba bitswa. Yaba ho ngolwa ho latela sohle seo Moredekai a ileng a se laela. Ha ngollwa Bajuda le baokamedi ba mabotho, le batlatsi ba bona, le babusi le mahosana a dinaha, ho tloha India ho ya fihla Kushe, e leng babusi ba dinaha tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng. Ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, le Bajuda ba ngollwa ka mongolo wa bona le ka puo ya bona.


Moredekai a romela mangolo ana ho Bajuda bohle ba dinaheng tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng, tse buswang ke Ahashuerushe; a a felehetsa ka mantswe a kgotso le a nnete.


Jo! Naha ya kokwanyana tse bobolang, naha e mose ho dinoka tsa Kushe,


Eitse ha kgosi ya Asiria e utlwa hore Tirehaka, kgosi ya Kushe, o a e futuhela, ya boela ya romela maqosa ho Hesekiya, ya re:


“Jwale ke tla o bolella nnete. Bona mona, ho sa tla ba teng hape dikgosi tse tharo naheng ya Peresiya. Ya bone e tla rua ho di feta kaofela. Ka baka la matla a yona a tswalwang ke maruo a yona, e tla hlohleletsa tse ding tsohle ho tsohela mmuso wa Bagerike matla.


Dariuse a rera ho kgetha mahosana a lekgolo le mashome a mabedi ho okamela mmuso wa hae.


Ka selemo sa pele sa puso ya Dariuse, mora wa Ahashuerushe, wa morabe wa Bamede, ya ileng a etswa kgosi ya naha ya Bakalatiya,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos