Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 13:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 ka lokisa le taba ya dinyehelo tsa dipatsi ka dinako tse beilweng, le ya dilopotsiya. Oho, Modimo wa ka, o nkgopole o tle o nketse hantle!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 Ka ba ka ba beela nako ya ho tlisa patsi ya setjheso le ya ho tlisa dilopotsiya. Ka re: “Oho, Modimo wa ka, ako nkgopolele tse molemo!”

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 13:31
10 Referencias Cruzadas  

Ra laola ka lotho bakeng sa kabelo ya dipatsi, rona, le baprista, le Balevi, le ba bang ba setjhaba, hore, ka ho ya ka matlo a bontata rona, di tliswe tlung ya Modimo wa rona, ka dinako tse beilweng, ka dilemo tsohle, ho tla beswa aletareng ya Jehova, Modimo wa rona, kamoo ho ngodilweng kateng, molaong;


le ho tlisa tlung ya Jehova dilopotsiya tsa lefatshe la rona, le dilopotsiya tsohle tsa difate tsohle, ka selemo se seng le se seng,


Moprista, mora Aarone, o tla ba le Balevi, mohla Balevi ba nkang karolo ya leshome, mme Balevi ba tla tlisa karolo ya leshome ya karolo ya leshome tlung ya Modimo wa rona, dikamoreng tsa ntlo ya bobolokelo.


Oho, Modimo wa ka, o nkgopole ka baka la tseo, mme o se hlakole diketso tsa borapedi tseo ke di etseditseng ntlo ya Modimo wa ka le ntho tse tshwanetseng ho bolokwa!


Hape, ka bolella Balevi hore ba itlhwekise, mme ba tle ho lebela menyako, hore tsatsi la Sabatha le tle le kgethwe. Oho, Modimo wa ka, nkgopole le tabeng ena, mme o nkgauhele ka boholo ba mohau wa hao!


Oho, Modimo wa ka, elellwa tsohle tseo ke di etseditseng setjhaba sena, o nketse hantle ka baka la tsona!


Jehova, o nkgopole ka baka la lereko la hao ho setjhaba sa hao; o ntlele ka poloko ya hao,


O lebale dibe tsa botjha ba ka le ditlolo tsa ka!


Yaba se re ho Jesu: Morena, o nkgopole ha o kena mmusong wa hao!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos