Esdrase 4:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)10 le ba ditjhaba tse ding tse faladitsweng, tse beilweng motseng wa Samaria ke Osnappare e moholo, ya tumileng, ba ena le ba bang hape ba mose o kwano ho noka ya Eufrate. Jwalojwalo. Ver CapítuloBIBELE10 le ditjhaba tse ding tsohle, tseo Asenapare ya tumileng, ya kgabane, a neng a ile a di thopa, a di bea metseng ya Samaria, le naheng yohle e ka bophirimela ho noka ya Euferatese. Ver Capítulo |
Mme jwale, Modimo wa rona, Modimo o moholo, o matla, o tshabehang, o bolokang selekane le mohau; o se ke wa re, a manyenyane mahlomola ao a re hlahetseng, rona le marena a rona, le dihlooho tsa rona, le baprista ba rona, le baporofeta ba rona, le bontata rona, le setjhaba sa hao kaofela, haesale mehleng ya marena a Assiria ho tla fihla tsatsing la kajeno.