Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 4:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Rehume, motsamaisi wa lekgotla, le Shimshai, mongodi, le balekane ba bang ba bona, Badine, le Baafarsathake, le Batharpele, le Baafarase, le Baereke, le Bababilona, le Basusane, le Badeha, le Baelame,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 bo-Rehume wa mmusisi, le Shimeshai wa mongodi, le metswalle ya bona, le baahlodi, le maqosa, le baemedi ba dinaha, le bahlanka ba mmuso, le Baereke, le baahi ba Babilona, le baahi ba Susa, e leng Baelame,

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 4:9
16 Referencias Cruzadas  

Bara ba Sema ke Elame, le Assure, le Arpaksade, le Lude, le Arame.


Yaba morena wa Assiria o nka batho Babilona, le Kutha, le Avva, le Hamathe, le Sefarvaime, a ba bea metseng ya Samaria tulong tsa bana ba Iseraele; ya eba bona ba ruang Samaria, ba dulang metseng ya teng.


Rehume, motsamaisi wa lekgotla, le Shimshai, mongodi, ba ngolla morena Artakserkese lengolo hodima Jerusalema, ba re:


Motsotsong oo, ha tla ho bona Thathnai, mmusisi wa naha e mose o kwano ho noka, a ena le Shethare-Bosnai le balekane ba bona, ba re ho bona: Le laetswe ke mang ho haha ntlo eo le ho phetha lerako leo?


Ke yona kopi ya lengolo le neng le rometswe ho morena Dariuse ke Thathnai, mmusisi wa naha e mose o kwano ho noka, a ena le Shethare-Bosnai le balekane ba bona ba Afarsa, ba mose o kwano ho noka.


Ha ho le jwalo, lona Thathnai, mmusisi wa naha e mose wane ho noka, le Shethare-Bosnai, le balekane ba lona ba Afarsa ba mose wane ho noka, le itulele hole le moo.


Yaba o bua pela banababo le pela bahlabani ba Samaria, a re: Bajuda bano ba fokolang ba etsa eng? Na ba haha qhobosheane na? Na ba tla hlaba mahlabelo na? Na ba tla phetha jwale na? Na ba tla phedisa majwe ka ho a ntsha diqubung tseno tsa marole, haele moo a tjhele?


ke re, mehleng eo, eitse ha morena Assueruse a dutse teroneng ya mmuso wa hae, Susane, e leng motse wa moreneng,


mme dinaheng tsohle tsa mmuso wa hae morena a ke a laele manqosa hore a bokelle barwetsana bohle ba batle ba dikgarebe, ba tliswe Susane, motse wa moreneng, tlung ya basadi, kalosong ya Hegai, tona ya morena le modisa wa basadi;


Ke bontshitswe pono e tshabehang: Mohapi o a hapa, mosenyi o a senya. Nyoloha, Elame! wena Media, o lokise ntwa! Ke fedisa masisapelo wohle.


le marena kaofela a Simri, le marena kaofela a Elame, le marena kaofela a Media,


Lentswe la Jehova le kileng la tla ho moporofeta Jeremia, bakeng sa Elame, tshimolohong ya puso ya Tsedekia, morena wa Juda, la re:


Elame le yena o teng le bongata bohle ba batho ba hae; ba teetse lebitla la hae hare. Ba bolailwe kaofela, ba dihilwe ke lerumo; ke maqai a theohetseng lefatsheng le katlase, e le ba neng ba hasa letsoso lefatsheng la ba utlwang; jwale, ba jere dihlong tsa bona hammoho le ba theohelang sehokong.


Eitse ha ke tadima, ha eba jwaloka hoja ke le Susane, motse wa moreneng wa naha ya Elame; ha ke tadima ponong, ka fumana ke dutse pela noka e kgolo ya Ulai.


Rona bohle Bapartha, Bamede, Baelame, le ba ahileng Mesopotamia, le Judea, le le Kapadosia, le Ponto, le Asia,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos