Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Esdrase 4:10 - BIBELE

10 le ditjhaba tse ding tsohle, tseo Asenapare ya tumileng, ya kgabane, a neng a ile a di thopa, a di bea metseng ya Samaria, le naheng yohle e ka bophirimela ho noka ya Euferatese.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 le ba ditjhaba tse ding tse faladitsweng, tse beilweng motseng wa Samaria ke Osnappare e moholo, ya tumileng, ba ena le ba bang hape ba mose o kwano ho noka ya Eufrate. Jwalojwalo.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 4:10
8 Referencias Cruzadas  

Eitse ha dira tsa ba morabe wa Juda le wa Benjamine di utlwela hore bao e neng e le bathopuwa ba tsosa tempele ya Morena Modimo wa Iseraele,


Kopi ya lengolo leo ba ileng ba le ngola ke ena: “Ho kgosi Aretaseresese. “Rona, bahlanka ba hao, ba ahileng ka bophirimela ho noka ya Euferatese, re re:


Yaba kgosi Aretaseresese o romela karabo ena ho bo-Rehume wa mmusisi, le Shimeshai wa mongodi, le ho metswalle yohle ya bona e ahileng Samaria, le ho bohle ba ahileng ka bophirimela ho noka ya Euferatese: “Kgotso!


“Le tswa ho Aretaseresese, kgosi ya dikgosi, le ya ho moprista Esera, Setsebi sa Molao wa Modimo wa mahodimo: Kgotso e be le wena!


Yaba o bua le bana babo, le bahlabani ba lebotho la Samaria, o re: “Bajuda baa ba fokolang, ba etsang? Na ba rata ho tsosa lerako lee? Na ba batla ho etsa mahlabelo? Na mosebetsi oo ba tla o qeta ka letsatsi? Na ba tla tsetolla majwe a tjheletseng qubung ee ya lesupi?”


“Jwale, ka baka lena, wena Modimo wa rona, Modimo e moholo, ya matla, Ramatshabeho, ya bolokang selekane sa hae, ya hauhelang, tsietsi tsohle tse re hlahetseng o se ka di bebola: Tse hlahetseng kgosi tsa rona le mahosana a rona, baprista ba rona le baporofeta ba rona, bo-ntata rona le tjhaba sena sa hao sohle, ho tloha mehleng ya dikgosi tsa Asure, ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno!


Neang bohle tse ba lokelang: molekgetho, lekgetho; mokgafisi, kgafa; ya lokelwang ke tshabo, tshabo; ya lokelwang ke hlompho, hlompho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos