Mme jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re hauhetse ka motsotso o seng mokae, hore a tle a re siele masala a seng makae, le ho re etsetsa setshabelo nqalong ya hae e kgethehileng, hore Modimo wa rona o boele o edise mahlo a rona le ho tsosa bophelo ba rona hanyenyane, kgolehong ya rona.
Haele dintho tsohle tsa tabernakele, le tsa tshebeletso yohle ya yona, le dithakgisa tsohle tsa yona, le dithakgisa tsohle tsa lebala, e be tsa koporo.
ditshiya tsa wona tse nne le didulwana tsa tsona tse nne tsa etswa ka koporo; dipekere tsa tsona tsa etswa ka silefera, mme dihlooho tsa tsona le dithupa tsa tsona tsa etswa ka silefera.
Ke yona palo ya mesebetsi ya tabernakele, e leng tabernakele ya bopaki, e entsweng ka taelo ya Moshe; ya eba mosebetsi wa Balevi, ba laelwa ke Ithamare, mora Aarone, moprista.
Tadima Sione, motse wa mekete ya rona! Mahlo a hao a tla bona Jerusalema, e leng moaho wa boiketlo, le tente e ke keng ya tloswa, eo dithakgisa tsa yona di ke keng tsa tsomolwa, eo ho seng mohalana o lokolohang.