Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 38:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ke yona palo ya mesebetsi ya tabernakele, e leng tabernakele ya bopaki, e entsweng ka taelo ya Moshe; ya eba mosebetsi wa Balevi, ba laelwa ke Ithamare, mora Aarone, moprista.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Ena ke kakaretsa ya dintho tsa Leaho, tse ileng tsa bokellwa, tsa Leaho la areka e kentseng matlapa a ngotseng Molao. Dintho tsena di ile tsa bokellwa ka taelo ya Moshe, ke Balevi, ba le taolong ya Itamare, mora wa moprista Arone.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 38:21
31 Referencias Cruzadas  

Bara ba Aarone ke Nadabe, Abihu, Eleasare, le Ithamare.


Yaba morena o bitsa Jehojada, moprista e moholo, a re ho yena: Na ha o a ka wa bona keng hore Balevi ba late Juda le Jerusalema lekgetho le laetsweng ke Moshe, mohlanka wa Jehova, le beetsweng phutheho ya Iseraele, hore le ntshetswe tente ya bopaki na?


O re: Seo ke se bolelang ke nnete, mme ke hlwekile pela hao!


Ha o ka kgutlela ho Ya matla wohle, o tla boela o tsoswe; feela, o leleke bokgopo tenteng ya hao.


Jobo a fetola, a re:


Jehova, moeti wa hao e tla ba mang tenteng ya hao? E tla ba mang ya tlang ho aha thabeng ya hao e halalelang?


O tla bea arekeng bopaki boo ke tla o nea bona.


O tle o bee lesira tlasa dikgoketsane, mme hona teng, kahare ho lesira, o tla kenya areka ya bopaki, lesira lena le tla le arolela sehalalelo ho sehalaledisiso.


Haele dithakgisa tsa tabernakele le tsa lebala lohle, tsa etswa ka koporo.


Haele Betsaleele, mora Uri, mora Hure, wa leloko la Juda, a etsa tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe,


O tle o kenye ho yona areka ya bopaki, o sireletse areka ka lesira.


Aarone o ne a nyetse Elisheba, moradi wa Amminadabe, kgaitsedi ya Nashone, mme a mo tswalla Nadabe le Abihu, Eleasare, le Ithamare.


o mpe o bee Balevi balebedi ba tabernakele ya bopaki, le ba mesebetsi yohle ya yona. E tla ba bona ba tlang ho jara tabernakele le mesebetsi yohle ya yona; e tla ba bona ba tlang ho etsa tshebetso ya yona, mme ba tla teela tabernakele hare moo e hlongwang teng.


Empa Balevi, bona ba tla bofolla ka mathokong wohle a tabernakele ya bopaki, hore kgalefo ya ka e tle e se ke ya tukela phutheho ya bana ba Iseraele; Balevi ba tla boloka tabernakele ya bopaki.


Ka tsatsi la mashome a mabedi la kgwedi ya bobedi, ka selemo sa bobedi, leru la phahama, la tloha tabernakeleng ya bopaki;


Atametsa banabeno ho wena, ba leloko la Levi, ba leloko la ntatao, ba tle ba o kgomarele, mme ba o sebeletse mohla wena le bara ba hao le leng pela tente ya bopaki.


Ditente tsa hao di ntle hakakang, Jakobo! Le meaho ya hao, Iseraele!


Ka tsatsi leo ho emisitsweng tabernakele ka lona, leru la kgurumetsa tabernakele, e leng tente ya bopaki; mantsiboya ha eba hoo e kang mollo hodima tabernakele ho fihlela hosasa.


Yaba Petrose o bua, a re ho Jesu: Morena, ho molemo ha re ka dula mona; ha o rata, a re keng re etse metlotlwane e meraro mona: o mong e be wa hao, o mong e be wa Moshe, o mong e be wa Elia.


Bontata rona ba ne ba na le tabernakele ya bopaki feelleng, kamoo ya buang le Moshe a neng a mo laetse kateng, ho e etsa ka setshwantsho seo a se boneng.


Efela re a tseba hoba mohla ntlo ena ya rona ya lefatshe, e kang motlotlwane, e senyehang, re na le leaho mahodimong le tswang ho Modimo, e leng ntlo e sa kang ya etswa ka matsoho, e sa feleng.


eo e leng mosebeletsi wa sehalalelo, le wa tabernakele ya sebele e hlomilweng ke Morena, e seng ke motho.


Empa Kreste, moprista e moholo wa menono e tlang ho hlaha, ha a pholleditse ka tabernakele e fetisang ka boholo le ka botle, e leng e sa kang ya etswa ka matsoho, ke ho re, eo e seng ya popo ena,


Ke fela ke lekanya hobane, ha ke sa ntse ke le motlotlwaneng ona, ke tshwanetse ho le tsosa ka ho le hopotsa,


Mme tempele ya Modimo ya bulwa lehodimong, mme areka ya selekane sa wona ya bonahala tempeleng ya wona; mme ha hlaha mahadima, le mantswe, le diaduma, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se seholo.


Kamora tseo ka tadima, mme ka bona tempele ya tabernakele ya bopaki e bulwa lehodimong.


Ka utlwa lentswe le phahameng le etswa teroneng, le re: Bonang tabernakele ya Modimo e hara batho; o tla aha le bona; e tla ba ditjhaba tsa wona, mme Modimo o tla ba le bona ka sebele sa wona, e be Modimo wa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos