Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 38:20 - BIBELE

20 Dimapo tsohle tsa Leaho, le tsa seotlwana, ho potoloha, di ne di entswe ka lethose.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Haele dithakgisa tsa tabernakele le tsa lebala lohle, tsa etswa ka koporo.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 38:20
10 Referencias Cruzadas  

Boima ba dipekere tsa kgauta e ne e ka ba dikeramo tse makgolo a tsheletseng. Le bokahare ba dikamore tse kahodimo bo ne bo manehilwe kgauta.


“Empa ka nakwana e seng kae, Morena Modimo wa rona, o re hauhetse ka ho re siela mesaletsana e ileng ya phonyoha. O re tsitsisitse sebakeng sena sa hae se halalelang, e le hore a re tutubolle mahlo, a re lopolle bokgobeng bona ba rona.


Thepa yohle ya leaho, e sebediswang ditshebeletsong tsohle tsa lona, le dimapo tsohle tsa lona, le dimapo tsohle tsa seotlwana, e be tsa lethose.”


Ditshiya tsa lesira leo di ne di le nne, le ditshehetso tsa lona di le nne, di entswe ka lethose, dihokelo tsa tsona di entswe ka silefera. Dihlooho tsa tsona di ne di manehilwe silefera, le dithupa tse di kopanyang e ne e le tsa silefera.


Ena ke kakaretsa ya dintho tsa Leaho, tse ileng tsa bokellwa, tsa Leaho la areka e kentseng matlapa a ngotseng Molao. Dintho tsena di ile tsa bokellwa ka taelo ya Moshe, ke Balevi, ba le taolong ya Itamare, mora wa moprista Arone.


Dipolelo tsa bahlalefi di tshwana le ditsenene; maele a bokeletsweng a tshwana le dithakgisa tse kgokgothetsweng fatshe, mme kaofela a tswa ho Modisa a le mong.


Ke tla mo kgokgothela sebakeng se tiileng jwalokaha eka ke thakgisa, mme e be terone e tlotlehang ya lapa la ntatae.


Tadimang Sione, motse wa mekete e halalelang, mahlo a lona a tla bona Jerusalema, leaho la kgotso, tente e ke keng ya thakgollwa, thakgisa tsa yona ha di ka ke tsa kgokgothollwa, thapo tsa yona ha di ka ke tsa kgaoha.


Ba kgaoditse ho itshwarella ka hlooho, e leng yona e kopanyang mmele wohle ka manonyeletso le mesifa ya wona, e o laole, mme o hole kamoo Modimo a ratang kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos