Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Diketso 10:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 A bona mohlolo ka hora ya boroba mono o le mong, a bontshisa lengeloi la Morena le etla ho yena, mme la re ho yena: Kornele!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ha e batla e eba hora ya boraro motsheare wa mantsiboya, a bona ponong, ka mokgwa o hlakileng, lengeloi la Modimo le kena ka ho yena, le re: “Kornele!”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 A bona ponong hantle, e ka ba hora ya boroba mono o le mong ya letsatsi, lengeloi la Modimo le kena ho yena, le re ho yena: Kornele!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 A bona ponong hantle, e ka ba hora ya boroba mono o le mong ya letsatsi, lengeloi la Modimo le kena ho yena, le re ho yena: Kornele!

Ver Capítulo Copiar




Diketso 10:3
23 Referencias Cruzadas  

Mantsiboya, le hosasa, le motshehare, ke ntse ke dumaela, ke sisa pelo, mme o tla utlwa lentswe la ka.


Ha ke re, ke ha o ka tsamaya le rona, hore, nna le setjhaba sa hao re tle re kgethehe ho ditjhaba tsohle tse lefatsheng?


Ka baka la Jakobo, mohlanka wa ka, le la Iseraele, mokgethwa wa ka, ke o bitsitse ka lebitso la hao, ka o kgetha, o eso ho ntsebe.


Ha ho batlile ho ba hora ya boroba mono o le mong, Jesu a howa ka lentswe le leholo, a re: Eli, Eli, lamma sabakthani? ke ho re: Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntloheletseng?


Yaba lengeloi la Morena le ipontsha ho Sakaria, le eme lehlakoreng le letona la aletare ya dibano.


Yaba bongata ba makgotla a lehodimo bo phakisa bo eba le lengeloi leo, ba boka Modimo, ba re:


Petrose a re a sa ntse a nahana hore na mohlolo oo a o boneng o reng, ha fihla banna ba romilweng ke Kornele, ba botsa ntlo ya Simone; yaba ba ema monyako,


Petrose a re a sa ntse a nahana mohlolo oo, Moya wa re ho yena: Banna ke bao ba bararo, ba o batla.


Yaba Kornele o araba, a re: Ho se ho fetile matsatsi a mane, ka nako e kang yona ena, ke ne ke itima dijo, ke rapela ka tlung ya ka ka hora ya boroba mono o le mong, mme ka bona monna a eme pela ka ka diaparo tse kganyang;


Ka hosasane, yare ha ba sa le tseleng, ba se ba atamela motse, Petrose a nyolohela hodima ntlo ho ya rapela, ha hora e batlile ho ba ya botshelela.


A re bolella kamoo a boneng lengeloi kateng, ka tlung ya hae, le eme, le re ho yena: Romela banna Jopo, mme o late Simone, ya bitswang Petrose.


Hobane lengeloi la Modimo, oo ke leng wa wona, oo ke o sebeletsang, le itlhahisitse ho nna bosiung bona,


Petrose le Johanne ba ne ba nyolohela hammoho tempeleng ka hora ya thapelo, e leng ya boroba mono o le mong.


Empa lengeloi la Morena la bula menyako ya teronko bosiu, la ba ntsha, la re:


Morutuwa e mong, ya bitswang Ananiase, o ne a le teng Damaseka: Morena a mmolella ka pono ya mohlolo, a re: Ananiase! Yena a re: Ke nna enwa, Morena!


A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na?


Na kaofela ha wona hase meya e sebeletsang, e rongwang ho sebeletsa ba tlang ho rua lefa la poloko na?


a etswa ya kahodimo ho mangeloi, jwalokaha lebitso leo a le ruileng ka mokgwa wa lefa le fetisa la wona ka boholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos