Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Diketso 1:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Enereha a phuthehile le bona, a ba laela hore ba se ke ba tloha Jerusalema, ba mpe ba lebelle pallo ya Ntate, eo le e utlwileng ho nna,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Yare ha a ena le bona, a ba laela, a re: “Le se ke la ba la tloha Jerusalema, le mpe le emele seo le se tshepisitsweng ke Ntate, seo le se utlwileng ka nna.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Eitse ha a phuthehile le bona, a ba laela hore ba se ke ba tloha Jerusalema, le mpe le letele pallo ya Ntate, eo le e utlwileng ho nna.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Eitse ha a phuthehile le bona, a ba laela hore ba se ke ba tloha Jerusalema, le mpe le letele pallo ya Ntate, eo le e utlwileng ho nna.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 1:4
14 Referencias Cruzadas  

Ha leru le ne le dula hodima tabernakele matsatsi a mabedi, kapa kgwedi, kapa ho fetisa kgwedi, bana ba Iseraele ba ne ba hlola teng ba emisitse, ba sa tlohe; ha le ne le phahama, ba ne ba tloha.


Hobane e ke ke ya eba lona le buang, empa e tla ba Moya wa Ntata lona o buang ka lona.


Mme ha esita lona ba lonya, le tseba ho nea bana ba lona dintho tse molemo, Ntata lona ya lehodimong o tla fetisisa hakakang ka ho nea Moya o Halalelang ho ba o kopang ho yena!


hobane Moya o Halalelang o tla le ruta, ka yona nako eo, seo le tshwanetseng ho se bolela.


Mme bonang, nna ke tla le romela pallo ya Ntate; le mpe le sale motseng wa Jerusalema, le tle le be le apeswe ka matla a tswang hodimo.


Mme ke tla rapela Ntate, mme o tla le nea Moemedi e mong, a tle a dule le lona ka ho sa feleng;


Etlare hobane ho tle Moemedi eo ke tla mo roma ho lona, a etswa ho Ntate, e leng Moya wa nnete, o tswang ho Ntate, ke yena ya tla paka tsa ka.


Eitse hobane a bue jwalo, a budulela ho bona, a re: Amohelang Moya o Halalelang!


Ka taba eo, o ne a lekanya Moya oo ba dumelang ho yena ba tlang ho o newa; hobane Moya o Halalelang o ne o eso ho hlahe, kahobane Jesu a ne a eso ho tlotliswe.


e seng ho setjhaba kaofela, e le ho dipaki tseo Modimo o di kgethileng pele, e leng rona bao re jeleng, re nweleng le yena, hobane a tsohe bafung.


Eitse hobane a phahamisetswe letsohong le letona la Modimo, mme a nke pallo ya Moya o Halalelang ho Ntatae, o qhatsitse seo le se bonang, le se utlwang jwale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos