Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diketso 1:4 - BIBELE

4 Yare ha a ena le bona, a ba laela, a re: “Le se ke la ba la tloha Jerusalema, le mpe le emele seo le se tshepisitsweng ke Ntate, seo le se utlwileng ka nna.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Enereha a phuthehile le bona, a ba laela hore ba se ke ba tloha Jerusalema, ba mpe ba lebelle pallo ya Ntate, eo le e utlwileng ho nna,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Eitse ha a phuthehile le bona, a ba laela hore ba se ke ba tloha Jerusalema, le mpe le letele pallo ya Ntate, eo le e utlwileng ho nna.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Eitse ha a phuthehile le bona, a ba laela hore ba se ke ba tloha Jerusalema, le mpe le letele pallo ya Ntate, eo le e utlwileng ho nna.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 1:4
14 Referencias Cruzadas  

Leha leru le ne le ka kgurumetsa Tente ya Morena ka matsatsi a mabedi, kapa kgwedi, kapa ho feta moo, mme le itulela hodima Tente ya Morena, bana ba Iseraele ba ne ba ye ba hlole diahelong, ba se ke ba tswela pele leetong. Empa ha leru le ne le phahama, ba ne ba ye ba tswele pele leetong.


hobane ho tla be ho sa bue lona, empa e tla be e le Moya wa Ntata lona o buang ka lona.


Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fa bana ba lona dimpho tse molemo, Ntate ya lehodimong o tla fana haholo hakaakang ka Moya o Halalelang ho ba mo kopang!”


hobane Moya o Halalelang o tla le ruta ka yona nako eo seo eka kgonang le se bue.”


Bonang, nna ke tla le romella seo Ntate a le tshepisitseng sona, empa le dule motseng mona ho fihlela ha le apeswa matla a tswang hodimo.”


Ke tla kopa Ntate, mme o tla le nea Mothusi e mong, hore a be le lona ka ho sa feleng,


“Ha Mothusi eo ke tla mo romela ho lona a tlile a etswa ho Ntate, Moya wa nnete o tswang ho Ntate, o tla mpaka,


Hoba a rialo, a budulela moya ho bona, a re: “Amohelang Moya o Halalelang!


A bolela hona a lekanya Moya oo ba dumetseng ho yena ba neng ba se ba tla o amohela; kaha Moya o ne o eso be teng, hobane Jesu a ne a eso tlotliswe.


e seng ho batho bohle, empa ho dipaki tse kgethilweng ke Modimo e sa le pele, e leng rona ba ileng ba eja, ba enwa le yena kamora ho tsoha ha hae bafung.


O phahamisitswe ka letsoho le letona la Modimo, a amohela Moya o Halalelang jwalokaha Ntatae a ne a tshepisitse. A o theola kamoo le bonang, mme le utlwang kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos