Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diketso 1:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 hobane Johanne o fela a kile a kolobetsa ka metsi; empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang, ha ho fetile matsatsi a se makae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Johanne o ne a kolobetsa ka metsi, empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang ho eso fete matsatsi a mangata.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Hobane Johanne o hlile o kolobeditse ka metsi; empa le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang, ho se ho fetile matsatsi a seng makae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Hobane Johanne o hlile o kolobeditse ka metsi; empa le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang, ho se ho fetile matsatsi a seng makae.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 1:5
16 Referencias Cruzadas  

Mohlang oo, dithaba di tla kolla veine e ntjha, marallana a phalle lebese, melapo yohle ya Juda e tla nne e be le metsi a mathang; mme sediba se tla tswa tlung ya Jehova, se nosetse lehwatata la Sittime.


Haele nna, ke le kolobelletsa pako ka metsi feela; empa ya tlang ka morao ho nna, o mpheta ka matla, mme ha ke a lokela ho mo nkela dieta; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.


mme ba kolobetswa ke yena Jordane, ba ntse ba ipolela dibe tsa bona.


Haele nna ke le kolobeditse ka metsi, empa yena, o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang.


Johanne a ba araba bohle, a re: Nna, ke fela ke le kolobetsa ka metsi; empa e mong o a tla, ya mphetang ka matla, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la dieta tsa hae; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.


Johanne a ba araba, a re: Haele nna, ke kolobetsa ka metsi; empa e mong o teng hara lona, eo le sa mo tsebeng;


Le nna ke ne ke sa mo tsebe; empa ke tlile ho kolobetsa ka metsi, a tle a bonahatswe ho Iseraele.


Le nna ke ne ke sa mo tsebe; empa ya nthomileng ho kolobetsa ka metsi, ke yena ya neng a mpoleletse, a re: Eo o tla bona Moya o theohela ho yena, mme o dula hodima hae, ke yena ya kolobetsang ka Moya o Halalelang.


Badumedi bao e leng ba lebollo, ba tlileng le Petrose, ba ba ba makala, ha ba bona neo ya Moya o Halalelang e tshollelwa le baditjhaba.


Pauluse a re: Efela Johanne o kolobeditse ka kolobetso ya pako, a bolella batho hore ba dumele ho ya tlang kamora hae, e leng Jesu Kreste.


Hobane rona bohle re kolobeditswe Moyeng o le mong, hore re be mmele o le mong, leha e le Bajuda, leha e le Bagerike, leha e le ba ruilweng, leha e le ba sa ruwang; mme bohle re nositswe Moyeng o le mong.


e seng ka mesebetsi e lokileng e entsweng ke rona, empa e bile ka lereko la wona, ka hlatsuo ya ho tswalwa la bobedi, le ka ntjhafatso ya Moya o Halalelang,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos