Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 8:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Makgotla a hlolwa ke lona le sehlabelo sa kamehla ka baka la sebe, la lahlela nnete fatshe, la ba la atleha ho tse etswang ke lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ka baka lena, batho ba etsa sebe bakeng sa ho etsa dinyehelo tsa letsatsi ka leng. Nnete ya lahlelwa fatshe, mme lenaka la atleha ho tsohle tseo le di etsang.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 8:12
14 Referencias Cruzadas  

Boiketlo bo ditenteng tsa basenyi, kgotso e teng ho ba sa reng letho ka Modimo, bao matla a bona e leng modimo wa bona.


Ho loka ha hao ke ho loka ho sa feleng; molao wa hao ke nnete.


O se ke wa tlosa puo ya nnete molomong wa ka le ka mohla o le mong, hobane ke lebeletse dikahlolo tsa hao.


Hobane ha ba ele diketso tsa Jehova hloko, leha e le mosebetsi wa matsoho a hae, Jehova o tla ba diha, a ke ke a ba ahisa!


Tokiso e suthise ditswe morao ke hona, ho loka ho eme hole le rona, hobane nnete e wele lepatlelong la motse, mme ho loka ho sitwa ho kena.


Jehova, o lokile, nka sitwa ho tseka le wena; leha ho le jwalo, ke ya tseka le wena. Na ba babe ba ntse ba atleha keng? Bathetsi kaofela ba na le kgotso keng?


Mme o tla kgutlela naheng ya hae ka maruo a maholo; pelo ya hae e tla hloya selekane se halalelang, mme o tla se lwantsha, a be a kgutlele naheng ya hae.


Ka ba ka tadima kamoo lenaka leo le lwantshang bahalaledi kateng, le kamoo le ba hlolang kateng,


Ka bona pheleu e thulela bophirimela, le leboya, le borwa, ho se phoofolo e ka emellanang le yona, ho se motho ya ka namolelang matleng a yona; ya etsa kamoo e ratang kateng, ya natlafala.


Sa newa ho lwantsha bahalaledi, le ho ba hlola. Hape, sa newa matla hodima mefuta yohle, le hodima merabe yohle, le hodima dipuo tsohle, le hodima ditjhaba tsohle.


Davida ha a utlwa hobane Saule o mo otsitse, a re ho moprista Abiathare: Tlisa efoda kwano.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos