Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 8:12 - BIBELE

12 Ka baka lena, batho ba etsa sebe bakeng sa ho etsa dinyehelo tsa letsatsi ka leng. Nnete ya lahlelwa fatshe, mme lenaka la atleha ho tsohle tseo le di etsang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Makgotla a hlolwa ke lona le sehlabelo sa kamehla ka baka la sebe, la lahlela nnete fatshe, la ba la atleha ho tse etswang ke lona.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 8:12
14 Referencias Cruzadas  

Malapeng a batupi teng ho rena kgotso, ba phephetsang Modimo ba phela ka boiketlo, bao matla a bona e leng wona modimo wa bona.


Ho loka ha hao ke ho loka ha kamehla, Molao wa hao ke nnete.


Nthuse, ke bue nnete feela, hobane ke tshepile dikahlolo tsa hao.


Kaha ba sa natse diketso tsa Morena, le ho tsotella mesebetsi, Mesebetsi ya matsoho a hae, o tla ba tamolla, a ba timetse.


Kahoo toka e tjhetjhiswa kasanthao, ho loka ho emeletse hole le rona; diterateng nnete ha e sa le yo, botshepehi le bona ha bo sa fumanwa.


Wena Morena, o lokile kamehla, ha ke bea nyewe ya ka kapele ho wena, o lokile, empa a nke ke bue le wena ka toka ya hao: Ke hobaneng ha ba kgopo ba atleha mererong ya bona? Ke hobaneng ha ba bolotsana ba phela ka boiketlo?


Kgosi ya Siria e tla kgutlela ha habo yona le matlotlo ao e a hapileng, e ikemiseditse ho senya selekane se halalelang. E tla iketsetsa borata, e ntano ipoella ha habo yona.


Ka bona lona lenaka leo le lwantsha bahalaledi, le ba hlola.


Ka bona pheleu ena e kgorohela bophirimela, le leboya, le borwa. Ho ne ho se sebatana se ka e emang kapele, kapa motho ya ka pholosang e mong ho yona. E ne e iketsetsa seo e se ratang, e bile e ikgohomosa.


Sa dumellwa ho lwantsha badumedi le ho ba hlola; sa ba sa newa matla hodima ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, le ba mefuta yohle.


Davida o ne a tseba hore Saule o ntse a mo rera ka lekunutu; yaba o re ho moprista Abiatare: “Tlisa setipe seo kwano!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos