Daniele 8:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)11 la iphahamisa ho isa ho morena wa makgotla ao, la mo amoha sehlabelo sa kamehla, mme moaho wa sehalalelo sa hae wa ripitlwa. Ver CapítuloBIBELE11 La ba la nyedisa le yona kgosana ya mabotho ana, la fedisa sehlabelo se etswang ka letsatsi le letsatsi, la silafatsa le Sehalalelo. Ver Capítulo |
o ikgantsheditse Monghadi wa lehodimo, mehope ya ntlo ya hae e tlisitswe pela hao, mme wena, le mahosana a hao, le basadi ba hao, le dinyatsi tsa hao, le nwetse veine mehopeng eo, wa ba wa roka medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho, mme Modimo o fuparetseng phefumoloho ya hao letsohong la wona, o busang tsohle tse tla o hlahela, ha o a ka wa o hlonepha.
Tseba ke hona, o utlwisise hore, ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsoswa, o hahuwe, ha e tswile, ho fihlisa ho motlotsuwa Morena, ho tla feta veke tse supileng; ka veke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi, motse o tla tsoswa, o hahuwe le mapatlelo a wona, le marako a wona, empa e tla ba ka matsatsi a mahlomola.