Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 3:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Yaba morena Nebukadnesare o a tsieleha; a tshoha, a ema, a bua, a re ho baeletsi ba hae: Ha ke re, re akgetse batho ba tlamilweng ba le bararo hara mollo?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Yaba kgosi Nebukadenesare o raoha fatshe, a maketse; a botsa baeletsi ba hae, a re: “Na ha re a ka ra akgela banna ba bararo kahara mollo, ba tlanngwe sekolokoto?” Baeletsi ba araba, ba re: “Ke nnete ho jwalo, kgosi ya rona!”

Ver Capítulo Copiar




Daniele 3:24
18 Referencias Cruzadas  

A etsa ho leng hobe pela mahlo a Jehova, jwaloka ntlo ya Akabe, etswe ba teng e ne e le baeletsi ba hae, hobane ntatae a timele, ba mo isang timelong.


Bona, Modimo wa rona, oo re o sebeletsang, o na le matla a ho re lokolla seboping sa mollo o bohale, mme o fela o tla re lokolla letsohong la hao, morena.


Haele banna bao ba bararo, Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, ba wela, ba tlamilwe, seboping sa mollo o bohale.


Ba araba, ba re ho morena: Ho jwalo, morena! A bua, a re: Bonang, ke bona batho ba bane ba tsamaya hara mollo ba lokolohile, ha ho bonahale tshenyeho ho bona, mme e mong wa bona o bonahala jwaloka hoja e le mora wa medimo.


seo mahlaku a sona a leng matle, le ditholwana tsa sona di leng ngata, se nang le ho jewa ke bohle, se etsetsang diphoofolo tsa naha moriti, mme dinonyana tsa lehodimo di hahang makaleng a sona, se lekanya wena, morena, o leng moholo le matla, eo boholo ba hao bo leng boholo haholo, bo bileng bo amang lehodimo, eo mmuso wa hao o namileng ho isa pheletsong ya lefatshe.


Ha ho le jwalo, morena keletso ya ka e amohelwe ke wena, o lopolle dibe tsa hao ka ho etsa ka ho loka, le bokgopo ba hao ka ho hauhela bafumanehi, mohlomong ekaba o tla lelefatsa katleho ya hao kahona.


Morena, Modimo o hodimodimo, o ne o neile Nebukadnesare, ntatao, mmuso, le boholo, le letlotlo, le kganya;


Yaba sefahleho sa morena se fetoha hang, mehopolo ya hae ya ferekanngwa; mesifa ya matheka a hae ya hlepha, mangwele a hae a otlana.


Modimo wa ka o romile lengeloi la wona, mme o thibile melomo ya ditau, hore di se ke tsa nketsa letho; hobane ke fumanwe ke se na molato pela wona, le pela hao, morena, ha ke a ka ka etsa letho le lebe.


Morena Dariuse, phela ka ho sa feleng! Mahosana a mmuso kaofela, le marenana, le babusi, le baeletsi, le matona, ba dumellane ho ngola molao wa borena, le ho etsa taelo e tiileng, e bolelang hore e mong le e mong ya tla etsa thapelo ho modimo o mong, leha e le ho motho, ka matsatsi a mashome a mararo, haese ho wena, morena, a akgelwe lemeneng la ditau.


Petrose eitse ha a kokota monyako wa mathule, morwetsana ya bitswang Rhode a tla mamela.


hela! morena, e le motshehare, ha ke le tseleng, ka bona lesedi le tswang lehodimong, le fetisang la letsatsi ka ho kganya, le nteela hare le bao ke tsamayang le bona.


Morena Agripa, na o dumela baporofeta na? Ke a tseba hobane o a ba dumela!


A re ka tshoho le ka thothomelo: Morena, o rata hore ke etse eng na? Morena a re ho yena: Tsoha, o kene motseng, mme o tla bolellwa teng seo o tshwanetseng ho se etsa.


Saule, mohla a bonang Davida a etswa ho kgahlanyetsa Mofilesta, a re ho Abnere, molaodi wa makgotla: Abnere, mohlankana eo ke mora mang na? Abnere a re: Ka moya wa hao o utlwang, morena, ha ke tsebe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos