Daniele 3:24 - BIBELE24 Yaba kgosi Nebukadenesare o raoha fatshe, a maketse; a botsa baeletsi ba hae, a re: “Na ha re a ka ra akgela banna ba bararo kahara mollo, ba tlanngwe sekolokoto?” Baeletsi ba araba, ba re: “Ke nnete ho jwalo, kgosi ya rona!” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)24 Yaba morena Nebukadnesare o a tsieleha; a tshoha, a ema, a bua, a re ho baeletsi ba hae: Ha ke re, re akgetse batho ba tlamilweng ba le bararo hara mollo? Ver Capítulo |
Baokamedi bohle ba puso, le babusisi, le mahosana, le baeletsi, le balaodi, ba dumellane kaofela hore kgosi e etse molao, e be e laele ka thata hore ka matsatsi a mashome a mararo a tlang, mang kapa mang ya tla etsa thapedi ho modimo osele kapa ho motho e mong, haese ho wena feela, kgosi, a akgelwe ka mokoting o moholo wa ditau.