Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 3:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Haele banna bao ba bararo, Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, ba wela, ba tlamilwe, seboping sa mollo o bohale.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Banna bana ba bararo, e leng bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego, ba ile ba wela ka seboping se tukang malakabe ba ntse ba tlanngwe sekolokoto.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 3:23
13 Referencias Cruzadas  

Mahlomola a ya lokileng a mangata; empa Jehova o mo ntsha ho wona kaofela;


Ha o tshela hara metsi, ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka, di ke ke tsa o nka: leha o feta hara mollo, o ke ke wa tjha, le malakabe a ke ke a o tlabola.


Ba tshwara Jeremia, ba mo lahlela lemeneng la Malkia, mora morena, le neng le le lebaleng la ntlo ya teronko; ba theolela Jeremia teng ka marapo; ho ne ho se metsi lemeneng, empa le le seretse, mme Jeremia a tetebela seretseng.


Mme hlooho ya matona ya ba rea mabitso a mang, ya rea Daniele lebitso la Beltsatsare, Hanania la Shadrake, Mishaele la Meshake, le Asaria la Abede-Nego.


Yaba morena Nebukadnesare o a tsieleha; a tshoha, a ema, a bua, a re ho baeletsi ba hae: Ha ke re, re akgetse batho ba tlamilweng ba le bararo hara mollo?


Hobane hlomoho e tjhatsi ya rona, ya motsotso wona, e ntse e re sebelletsa letlotlo la kganya le tlodisang, le sa feleng;


ba timile matla a mollo, ba phonyohile bohaleng ba lerumo, ba thusitswe dipabong tsa bona, ba entswe dinatla ntweng, ba qhadile makgotla a dira.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos