Daniele 2:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)40 Mme mmuso wa bone o tla ba le matla a jwaloka a tshepe; jwaloka tshepe ha e robakanya, e silakanya ntho tsohle, e, jwaloka tshepe e thuhang, o tla robakanya, o silakanye ntho tsohle jwalo. Ver CapítuloBIBELE40 Mmuso wa bone o tla ba matla jwaloka tshepe. Kaha tshepe e thuakanya, e silakanye dintho tsohle, le wona o tla thuakanya, o silakanye jwalokaha tshepe e thuakanya dintho tsohle. Ver Capítulo |
Kamora moo, ha ke tadima diponong tsa ka tsa bosiu, ka bona sebatana sa bone se tshabehang, se bohale, se fetisang ka matla, se ena le meno a maholo a tshepe, se rusolla, se bjabjaretsa, se hatakela ho siilweng ka maoto a sona; se ne se le hosele ho dibatana tsohle tse se eteletseng pele; se ne se na le manaka a leshome.