Daniele 2:40 - BIBELE40 Mmuso wa bone o tla ba matla jwaloka tshepe. Kaha tshepe e thuakanya, e silakanye dintho tsohle, le wona o tla thuakanya, o silakanye jwalokaha tshepe e thuakanya dintho tsohle. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)40 Mme mmuso wa bone o tla ba le matla a jwaloka a tshepe; jwaloka tshepe ha e robakanya, e silakanya ntho tsohle, e, jwaloka tshepe e thuhang, o tla robakanya, o silakanye ntho tsohle jwalo. Ver Capítulo |
“Kamora tsena, diponong tsa ka tsa bosiu, ka boela ka bona sebatana sa bone, se tshabehang, se tshosang, se matla ka ho fetisisa. Se ne se ena le meno a maholo, a tshepe. Sa harola, sa tsekolla, mme ho setseng sa ho hatakela ka maoto a sona. Se ne se sa tshwane le dibatana tse ding tseo ke neng ke ile ka di bona pele, se bile se ena le manaka a leshome.
Hoba ho fete dilemo, lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, motlotsuwa wa Modimo o tla bolawa a se molato. Mabotho a kgosana e nngwe e tlang ho tla, a tla timetsa motse le Sehalalelo sa wona. Pheletso ya tsena e tla tla sa morallo, ntwa e hlabane ho fihlela e ba e lala, nanaola e rerilweng ke Modimo yona e sale.