Daniele 2:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)41 Haele ka seo o se boneng, hoba maoto le menwana ya sona ka nqa e nngwe e le letsopa la mmopi wa dipitsa, ka nqa e nngwe e le tshepe, ke hobane mmuso oo e tla ba mmuso o arohileng; empa ho wona ho tla ba ho kang matla a tshepe, hobane o bone tshepe e kopantsweng le letsopa. Ver CapítuloBIBELE41 Jwalokaha o bone ho entswe maoto le menwana ka letsopa le ka tshepe, le mmuso oo o tla arohana jwalo; o tla nne o be le matla a kang a tshepe, jwalokaha o bone tshepe e kopantswe le letsopa le bonolo. Ver Capítulo |
Kamora moo, ha ke tadima diponong tsa ka tsa bosiu, ka bona sebatana sa bone se tshabehang, se bohale, se fetisang ka matla, se ena le meno a maholo a tshepe, se rusolla, se bjabjaretsa, se hatakela ho siilweng ka maoto a sona; se ne se le hosele ho dibatana tsohle tse se eteletseng pele; se ne se na le manaka a leshome.