Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 16:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ebile ho hlomelwa Absalome tente hodima ntlo, mme Absalome a kena ho direthe tsa ntatae pontsheng ho Baiseraele bohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Yaba bahlanka ba Abosalome ba mo hlomela tente kahodima ntlo, mme a kena dikobong tsa basadi ba ntatae ba mafielo, moo Baiseraele ba ntseng ba mmona.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 16:22
11 Referencias Cruzadas  

Yare Iseraele ha a sa aheletse naheng eo, Rubene a ya robala le Bilha, serethe sa ntatae; mme Iseraele a utlwa taba eo.


Ka tsatsi le leng, mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae, a ya itsamaela hodima ntlo ya borena. Ha a le hodima ntlo, a bona mosadi ya tolang, e le mosadi e motle haholo.


Ebile morena o a tloha, le bohle ba ntlo ya hae ba mo sala morao; morena a mpa a siya basadi ba leshome ba direthe ho lebela ntlo.


Davida a fihla tlung ya hae Jerusalema; morena a nka basadi ba leshome ba direthe, bao a neng a ba siile ho mo lebella ntlo, a ba bea moo ba bolokwang teng, a nna a ba fepa, a mpa a se ke a hlola a kena ho bona; ba nna ba dula ba kwaletswe, ba phela ba mokgwa wa bahlolohadi, ho isa tsatsing la ho shwa ha bona.


Tjhadimo ya difahleho tsa bona e a ba tswa, ba tumisitse dibe tsa bona jwaloka Sodoma, ha ba ka ba di pata; ho madimabe meya ya bona, hobane ke bona ba ipatletseng kotsi.


Kahoo, diphoka di kile tsa nna tsa thibelwa, pula ya hwetla ha e a ka ya eba teng. Empa phatla ya hao ke ya seotswa, ha o tsebe ho ba le dihlong.


Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba entse manyala; ba tla nne ba hlabiswe dihlong, ba be le maswabi; ka baka leo, ba tla wa le ba wang, mohla ke ba kgalemelang, ba tla hle ba dihuwe, ho bolela Jehova.


Hobane madi a tsholotsweng ke motse oo a teng hara wona, o a beile lefikeng le hlobotseng; ha o a ka wa a tshollela fatshe, ho a apesa ka lerole.


Ka yona nako eo, ha fihla monna e mong wa bana ba Iseraele, ya tlisang mosadi wa Midiane ho banababo, pontsheng ya Moshe le pontsheng ya phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ha ba ntse ba lla monyako wa tente ya pokano.


bao qetello ya bona e leng timelo, bao modimo wa bona e leng mpa, ba itlotlisang ka dihlong tsa bona, ba hopotseng dintho tsa lefatshe feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos