Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 16:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Mehleng eo, keletso eo Akitofele a neng a eletsa ka yona, e be e kgodisa jwaloka eka ho botsitswe molomo wa Modimo. Keletso tsohle tsa Akitofele di ne di le kalo ho Davida le ho Absalome.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Mehleng eo, keletso eo Ahitofele a neng a fana ka yona e ne e nkuwa eka ke boporofeta bo tswang ho Modimo. Dikeletso tsohle tsa Ahitofele di bile jwalo ho Davida le ho Abosalome.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 16:23
20 Referencias Cruzadas  

Absalome a romela le ho bitsa Akitofele Mogilone, moeletsi wa Davida, Gilo, motseng wa habo, nakong eo a neng a hlaba mahlabelo. Morero wa ba kwenehetseng morena wa tiya, le batho ba tlang ho Absalome ba nna ba eketseha.


Jwale Davida a tsebiswa, ha thwe: Akitofele ke e mong wa ba emelanang le Absalome. Davida a re: Oho, Jehova, o etse keletso ya Akitofele lefeela.


Akitofele a eketsa a re ho Absalome: Jwale, a nke ke kgethe banna ba kete tse leshome le metso e mmedi, ke tlohe, ke phallele Davida le bosiu bona.


Yaba Absalome le Baiseraele bohle, ba re: Keletso ya Hushai Moarke e ntle haholo ho fetisa keletso ya Akitofele. Athe ke Jehova ya neng a laetse hore ho senngwe keletso e ntle ya Akitofele, e le hore Jehova a hlahisetse Absalome kotsi.


Jwale, Akitofele, ha a bona hore ha ho etswe ka keletso ya hae, a qhaneha esele ya hae, a tloha, a ya hae motseng wa habo; a hleka ntlo ya hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.


Wa ntoo re ho motho: Bona, ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho sesefa bobe ke yona kutlwisiso.


O etsa merero ya batho ba mano lefeela, hore matsoho a bona a se ke a e phetha.


Molao wa Jehova o lokile, o kgatholosa moya; bopaki ba Jehova bo a tshepeha, bo hlalefisa sethoto.


Utlwa lentswe la dithapedisiso tsa ka ha ke howeletsa ho wena, leha ke otlollela sehalalelo sa hao matsoho a ka!


Dintsintsi tse shweleng di nkgisa le ho bodisa ole ya motlotsi; ho jwalo le bothoto bo bonyenyane, bo senya botumo ba ya tumileng ka bohlale le kganya.


Ruri setjhaba sa ka ke sethoto, ha se ntsebe; ke bana ba mawatla ba se nang kelello; ba bohlale ho etsa hampe, empa ha ba tsebe ho etsa hantle.


Ba bohlale ba ya hlabiswa dihlong, ba thothomele, ba tshwarwe; bonang, ba kgesitse lentswe la Jehova, ba na le bohlale bofe?


O tla itlhahisa pela moprista Eleasare; eo o tla mo kopela keletso ya Urime pela Jehova; ka taelo ya hae ba tla tswa, ka taelo ya hae ba tla boela ba kene, yena le bana ba Iseraele kaofela, le yona phutheho kaofela.


Nakong eo, Jesu a bua, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba masene, mme o di kwaholletse ba banyenyane.


Mme monga hae a rorisa qhoku e sa lokang, hobane e entse ka bohlale. Efela bana ba lefatshe lena, molokong oo e leng wa bona, ba fetisa bana ba lesedi ka bohlale.


Ba ntse ba re ba bohlale, ba fetohile mahlanya.


E mong ha a bua, a ye ka dipolelo tsa Modimo; e mong ha a sebeletsa ba bang, a etse ka matla a hlahiswang ke Modimo, hore Modimo o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo kganya le borena e leng tsa hae, ka ho sa feleng! Amen.


Davida a botsa Jehova, a re: Ha nka phallela letshwele lela, ana ke tla ba tshwara na? Jehova a re ho yena: Phalla, hobane o fela o tla ba tshwara, le ho hlakodisa tsohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos