2 Samuele 16:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)21 Akitofele a re ho Absalome: Kena ho direthe tsa ntatao, tseo a di siileng hore di lebele ntlo; etlare Baiseraele bohle ha ba utlwa hobane o ikentse ya nkgang ho ntatao, matsoho a bohle ba tlileng ho wena a tla tiiswa. Ver CapítuloBIBELE21 Ahitofele a re ho Abosalome: “Eya o kene dikobong tsa basadi ba ntatao ba mafielo, bao a ba siileng hore ba hlokomele lelapa. Ha Baiseraele ba utlwa hore o kgopisitse ntatao, balatedi ba hao bohle ba tla tiya moko.” Ver Capítulo |
Bana ba Ammone ba bona hobane ba ikentse ba nkgang hampe ho Davida; yaba bana ba Ammone ba romela ho mema Basiria ba Bethe-Rehobe, le Basiria ba Tsoba, e le batho ba mashome a mabedi a dikete ba maoto, ba morena wa Maaka e le ba sekete se le seng, le ba Tobe e le ba dikete tse leshome le metso e mmedi.
Davida a fihla tlung ya hae Jerusalema; morena a nka basadi ba leshome ba direthe, bao a neng a ba siile ho mo lebella ntlo, a ba bea moo ba bolokwang teng, a nna a ba fepa, a mpa a se ke a hlola a kena ho bona; ba nna ba dula ba kwaletswe, ba phela ba mokgwa wa bahlolohadi, ho isa tsatsing la ho shwa ha bona.