Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 12:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ka baka lena, Jehova o re: Bona, ke tla o tsosetsa bobe tlung ya hao, ke nke basadi ba hao pontsheng ho wena, ke ba nee wa heno, a tle a robale le basadi ba hao pontsheng ya letsatsi lena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 “Morena o bua tjena: ‘Bona, ke tla o hlahisetsa bobe kahare ho ntlo ya hao. Ke tla nka basadi ba hao moo o ntseng o bona, ke ba nee ya ahisaneng le wena, mme eo o tla robala le bona letsatsi le tjhabile.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 12:11
13 Referencias Cruzadas  

Empa Absalome a roma manqosa melokong yohle ya Iseraele, a reng. Etlere ha le utlwa modumo wa terompeta, le ke le re: Absalome ke morena Hebrone.


Davida a re ho bahlanka bohle ba hae bao a nang le bona Jerusalema: Tlohang, re baleheng: ha ho se jwalo, ha ho le a mong wa rona ya tla phonyohela Absalome. Phakisang le tlohe, esere mohlomong a re tshwara sehloho, a re ntsha kotsi, a bolaya le ba motseng ka bohale ba lerumo.


Absalome a nna a etsa jwalo ho Baiseraele bohle ba tlang ho morena kahlolong; kahoo, Absalome a utswa dipelo tsa Baiseraele bohle.


Davida a eketsa a re ho Abishai le ho bahlanka ba hae bohle: Bonang, ha esita mora ka ya tswileng maleng ho nna, a pheheletse ho mpolaya, Mobenjamine eo o tshwanetse ho mo fetisa hakakang! Mo tloheleng, a nne a rohake, etswe Jehova a mo laetse.


ha ho ka ba jwalo, mosadi wa ka a silele e mong, mme a fejwe ke ba bang;


Leha moporofeta a ka thetswa, a ba a bua polelo, e tla ba nna, Jehova, ke thetsitseng moporofeta eo; ke tla mo otlollela letsoho la ka, ke tle ke mo timeletse setjhabeng sa ka sa Iseraele.


Hape, a se ke a nyala basadi ba bangata, pelo ya hae e tle e se ke ya kgeloha; silefera le kgauta a se ke a ipokellela tsona haholo.


O tla nyala mosadi, mme e mong o tla robala le yena; o tla haha ntlo, empa ha o ka ke wa dula ho yona; o tla hloma morara, empa ha o ka ke wa ikotulela ditholwana tsa wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos