Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 12:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Jwale, lerumo ha le sa tla tloha tlung ya hao le ka mohla o le mong, ka baka la hobane o nnyedisitse, ha o nkile mosadi wa Uria Mohethe, hore e be mosadi wa hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ka baka leo, sabole e tla bolaya ba lelapa la hao kamehla yohle, hobane o nnyedisitse, wa inkela mosadi wa Uriya wa Mohete, hore e be mosadi wa hao.’

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 12:10
16 Referencias Cruzadas  

Empa Modimo wa tla ho Abimeleke bosiu torong, mme wa re ho yena: Bona, o motho ya shweleng ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane o nyetswe ke monna.


Ebile morena o hlokofala haholo, a hlwella phaposing e hodima monyako, a lla, a nna a tsamaya teng, a ntse a re: Mora ka Absalome! mora ka! mora ka Absalome! Hojane ho shwele nna bakeng sa hao, Absalome! mora ka! mora ka!


Ha eba jwalo, kahobane Davida a ne a entse tse lokileng mahlong a Jehova, a sa ka a kgeloha taba le e nngwe ya tsohle tseo a mo laetseng tsona, tshiung tsohle tsa ho phela ha hae, haese tabeng ya Uria Mohethe feela.


Ya busetsang botle ka bobe, bosoto bo ke ke ba tloha tlung ya hae.


Nqalo tse diphahameng tsa Isaaka di tla senngwa, le nqalo tse kgethehileng tsa Iseraele di fediswe, mme ke tla phahamela ntlo ya Jeroboame ka lerumo.


tjhe, empa e tla ba ka kgwedi e tletseng, ho fihlela ha nama e etswa dinkong tsa lona, mme e nyekisa dipelo tsa lona; hobane le lahlile Jehova ya leng hara lona, la lla pela hae, la re: A ke ka baka lang ha re tswile Egepeta?


Yaba Jesu o re ho yena: Busetsa sabole ya hao selateng sa yona, hobane bohle ba tshwereng sabole, ba tla bolawa ka sabole.


Ha ho motho ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi: hobane kapa o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.


Kapa, o nyedisa monono wa mosa wa wona, le wa sebete sa wona, le wa pelo ya wona e telele, ka ho se lemohe hoba molemo wa Modimo o o kgannela pakong na?


Ka baka leo, ya nyatsang tseo, ha a nyatse motho, empa o nyatsa Modimo, o kentseng le Moya wa wona o Halaleleng ka ho lona.


Ha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ke fela ke boletse hore ntlo ya hao le ntlo ya ntatao e tla nne e tsamaye pela ka kamehla; empa jwale, Jehova o re: Le ho leka; hobane ba ntlotlisang, le nna ke a ba tlotlisa; haele ba nnyedisang, ba tla nyediswa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos