Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 12:11 - BIBELE

11 “Morena o bua tjena: ‘Bona, ke tla o hlahisetsa bobe kahare ho ntlo ya hao. Ke tla nka basadi ba hao moo o ntseng o bona, ke ba nee ya ahisaneng le wena, mme eo o tla robala le bona letsatsi le tjhabile.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ka baka lena, Jehova o re: Bona, ke tla o tsosetsa bobe tlung ya hao, ke nke basadi ba hao pontsheng ho wena, ke ba nee wa heno, a tle a robale le basadi ba hao pontsheng ya letsatsi lena.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 12:11
13 Referencias Cruzadas  

Empa Abosalome a romela bahlohleletsi merabeng yohle ya Iseraele, a re: “Hanghang ha le utlwa modumo wa lenaka, le tle le re: ‘Abosalome o etswa kgosi kwana Heborone!’ ”


Davida a re ho bahlanka ba hae bohle ba neng ba ena le yena Jerusalema: “Emang, re baleheng hobane re ke ke ra phonyoha ho Abosalome. Potlakang, re tsamayeng, esere a re fumana re sa le mona, a re etsa hampe, mme a bolaya baahi ba motse ona ka sabole.”


Abosalome a etsa tjena ho Baiseraele bohle ba neng ba ye ba tle ho kgosi, hore ba ahlolelwe. Ka mokgwa ona Abosalome a hapa dipelo tsa bana ba Iseraele.


Davida a re ho Abishai, le ho bahlanka ba hae bohle: “Haesita mora wa ka, ya tswileng lethekeng la ka, e le yena ya batlang ho mpolaya, jwale le re Mobenjamine eo yena a ke ke a tjhatjhehela ho mpolaya hobaneng? Mo tloheleng a hlapaolane, hobane Morena o mo laetse jwalo.


mosadi wa ka a silele monna e mong, ba bang ba kopanele dikobo le yena.


“ ‘Haeba moporofeta a ka thetswa hore a porofete, ke hobane ke nna Morena ya thetsitseng moporofeta eo, mme ke tla otlollela letsoho la ka hodima hae, ke mo timetse setjhabeng sa ka sa Iseraele.


Kgosi eo e se ke ya nyala basadi ba bangata, esere ya kgeloha. E se ke ya ipokellela silefera le kgauta.


“O tla nyala mosadi, empa o tla robalwa ke monna e mong. O tla haha matlo, empa o ke ke wa phela ka ho wona. O tla lema dirapa tsa morara, empa o ke ke wa ja ditholwana tsa tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos