Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 11:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Kahoo, Joabe a qamaka motse, mme a bea Uria nakeng leo a tsebang hobane banna ba matla ba tla lwanela teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Ha Joabe a ntse a patetse motse, a isa Uriya thekong eo a tsebang hore ho yona ho eme bahale.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 11:16
13 Referencias Cruzadas  

A ngola lengolo la ho re: O ke o laolele Uria ka pele moo ntwa e lohlaneng; le suthe pela hae, a tle a bolawe, a shwe.


Banna ba motse ha ba etswa, ba lwana le Joabe, mme bahlanka ba bang ba Davida ba wa, le yena Uria Mohethe a shwa.


Ke mang ya bolaileng Abimeleke, mora Jerubbeshethe? na hase mosadi ya kileng a akgela lejwe la lelwala, a le ka lerakong, Abimeleke a ba a shwela Thebetse na? ho ya kang, ha le atametse lerako hakalo na? Etlaba moo o reng: Le mohlanka wa hao Uria Mohethe o shwele.


Abnere, ha a boetse Hebrone, Joabe a mo nkela thoko, kgorong, jwaloka eka o ya bua le yena sephiring, a mpa a mo hlaba mpeng, mme a shwa, e le ka baka la madi a Asaele moenae.


Hape, o tseba seo Joabe, mora Tseruja, a nkentseng sona, e leng seo a se entseng balaodi ba babedi ba makgotla a Iseraele, Abnere mora Nere, le Amasa mora Jethere, kamoo a ba bolaileng kateng, a tsholla kgotsong madi a ka tshollwang ntweng, a qaphaletsa senyepa sa hae se thekeng la hae, le dieta tsa hae tse maotong a hae ka madi a ka tshollwang ntweng.


A eketsa a ba ngolla lengolo, a re: Ha le fela le nkemela, mme le rata ho utlwa lentswe la ka, nkang dihlooho tsa batho bao, e leng bara ba monga lona, le tle ho nna Jisreele hosasane, ha ho le jwalo. Bara ba morena, e leng batho ba mashome a supileng, ba ne ba le ha baholo ba motse ba ba hodisang.


Ha morena a ka mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba babe.


Efraime o a imelwa, o tlepenngwa ke kahlolo, hobane o ithatetse ho ya ka taelo eo a iketseditseng yona;


Empa Petrose le baapostola ba bang ba araba, ba re: E ka kgona re utlwe Modimo ho ena le batho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos