2 Samuele 11:16 - BIBELE16 Ha Joabe a ntse a patetse motse, a isa Uriya thekong eo a tsebang hore ho yona ho eme bahale. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)16 Kahoo, Joabe a qamaka motse, mme a bea Uria nakeng leo a tsebang hobane banna ba matla ba tla lwanela teng. Ver Capítulo |
“Hape o tseba seo Joabe, mora wa Seruya, a neng a nketse sona; e leng seo a neng a se etse ho balaodi ba babedi ba mabotho a Iseraele, bo-Abinere, mora wa Nere, le Amasa, mora wa Jetere. O ne a ba bolaye, a tsholla madi nakong ya kgotso, jwalokaha eka ke ntweng. Ka hona madi ao a qaphaletsa leqhama le lethekeng la hae, le meqathatso e maotong a hae.
Jwale Jehu a ba ngolla lengolo la bobedi, a re: “Haeba le le ba ka, mme eba le tla mamela ditaelo tsa ka, hosasane, ka yona nako ena, le nke dihlooho tsa bara ba monga lona, le tle ho nna mona Jesereele.” Bara ba kgosi ba ne ba le mashome a supileng, ba le matsohong a banna ba baholo ba motse, ba ba hodisitseng.