Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 11:15 - BIBELE

15 Lengolong moo Davida o ne a ngotse, a itse: “Bea Uriya kamoo ntwa e leng mahlomafubedu kateng, ebe lona le a tjhetjha, a tle a hlajwe, a shwe.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 A ngola lengolo la ho re: O ke o laolele Uria ka pele moo ntwa e lohlaneng; le suthe pela hae, a tle a bolawe, a shwe.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 11:15
12 Referencias Cruzadas  

Ha Joabe a ntse a patetse motse, a isa Uriya thekong eo a tsebang hore ho yona ho eme bahale.


Bahlabani ba motse oo ba tswa, ba lwantsha Joabe. Bahlabani ba bang ba Davida ba bolawa; le Uriya wa Mohete le yena a bolawa.


Jwale ke ka baka lang o nyedisitseng lentswe la Morena, hore ebe o entse ntho e fahlang Morena? O bolaile Uriya wa Mohete ka sabole, wa inkela mosadi wa hae hore e be mosadi wa hao, monna wa hae o mmolaile ka sabole ya Baamone.


kahobane ka matsatsi wohle a bophelo ba hae Davida o ile a etsa ho lokileng mahlong a Morena, a se ke a kgeloha letho la ditaelo tseo Morena a mo laetseng tsona, haese feela tabeng ya Uriya wa Mohete.


Ako mpuseletse nyakallo, nyakallo ya ho pholoswa ke wena, o mmatlafatse ka moya wa boitelo.


Ntlhatswisise bokgopo ba ka, o ntlhwekise sebe sa ka;


Ka baka la hobane ba kgopo ba dieha ho ahlolwa, batho ba ikemiseditse ho etsa bobe ka sebete.


Pelo e tletse mano ho feta dintho tsohle, e senyehile hoo e ke keng ya phekolwa, ke mang ya ka e utlwisisang?


Binelang Morena, le mo rorise! O pholositse bafumanehi matsohong a ba kgopo.


Saule a re ho Davida: “Merabe, moradi wa ka wa matsibolo, ke enwa, ke o nea yena hore e be mosadi wa hao. Feela wena o be mohlabani wa ka ya sebete, o lwane dintwa tsa Morena.” Ka pelong ya hae Saule o ne a re: “A se ke a bolawa ke nna, a mpe a bolawe ke Bafilesita.”


Saule a re: “Ke tla mo nea Mikale, hore e tle e be leraba ho yena, Bafilesita ba tle ba mmolaye.” Saule a re ho Davida: “Kajeno lena, o tla ba mokgwenyana wa ka, ka baka la moradi wa ka wa bobedi.”


Yaba Saule o re: “Le tle le bolelle Davida tjena: ‘Kgosi ha e batle bohadi, e ipatlela feela maeko a lekgolo a Bafilesita, hore kgosi e iphetetse ho dira tsa yona.’ ” Saule o ne a hopola hore hoo ho tla etsa hore Davida a bolawe ke Bafilesita.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios