Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 11:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 A ngola lengolo la ho re: O ke o laolele Uria ka pele moo ntwa e lohlaneng; le suthe pela hae, a tle a bolawe, a shwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Lengolong moo Davida o ne a ngotse, a itse: “Bea Uriya kamoo ntwa e leng mahlomafubedu kateng, ebe lona le a tjhetjha, a tle a hlajwe, a shwe.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 11:15
12 Referencias Cruzadas  

Kahoo, Joabe a qamaka motse, mme a bea Uria nakeng leo a tsebang hobane banna ba matla ba tla lwanela teng.


Banna ba motse ha ba etswa, ba lwana le Joabe, mme bahlanka ba bang ba Davida ba wa, le yena Uria Mohethe a shwa.


O nyediseditseng lentswe la Jehova, ha o entse manyala a kalo pela mahlo a hae? O bolaile Uria Mohethe ka lerumo, o bile o inketse mosadi wa hae, hore e be mosadi wa hao; Uria yena, o mmolaile ka lerumo la bana ba Ammone.


Ha eba jwalo, kahobane Davida a ne a entse tse lokileng mahlong a Jehova, a sa ka a kgeloha taba le e nngwe ya tsohle tseo a mo laetseng tsona, tshiung tsohle tsa ho phela ha hae, haese tabeng ya Uria Mohethe feela.


Oho Modimo, Modimo wa poloko ya ka, o ntopolle molatong wa madi a tsholohileng; mme leleme la ka le tla rorisa ho loka ha hao!


Ke sitetswe wena, wena o nnotshi; ke entse ho leng hobe mahlong a hao; ke moo ho loka ha hao ho tla bonahala ha o bua, le hlweko ya hao ha o ahlola.


Erekaha kahlolo e ahlolang mesebetsi yohle e kgopo e sa phakise ho etsahala, kahoo pelo tsa bana ba batho di ntse di tlala takatso ya ho etsa hampe.


Pelo e mano ho fetisa tsohle, e bodile hampe; e ka tsejwa ke mang?


Binelang Jehova, le rorise Jehova, hobane o namolela bophelo ba mofumanehi matsohong a ba bolotsana.


Ebile Saule o re ho Davida: Bona Merabe, moradi wa ka e moholo, ke tla o nea yena, e be mosadi wa hao; feela, o ipee monna ya matla ho nna, o lwane dintwa tsa Jehova. Athe Saule o ne a re: Letsoho la ka le se ke la eba ho Davida, e mpe e be matsoho a Bafilista a bang ho yena.


mme Saule a re: Ke tla mo nea yena, e be sefi ho yena, mme matsoho a Bafilesta a be ho yena: Ebile Saule o re ho Davida: O tla ba mokgwenyana wa ka kajeno ka e mong wa baradi ba ka ba babedi.


Saule a re: le bolelle Davida, le re: Morena ha a lakatse mapea, haese mengala e lekgolo ya Bafilesta, hore morena a iphetetse ho dira tsa hae. Athe Saule o ne a hloma a ka dihela Davida matsohong a Bafilesta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos