Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 1:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Le se ke la e bolela Gathe, le se ke la e tumisa mapatlelong a Ashkelone, esere barwetsana ba Bafilesta ba thaba, le barwetsana ba maqai ba nyakalla!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 “Le se ke le e bolela Gate, le se e phatlalatse terateng tsa Ashekelone, esere baradi ba Bafilesita ba nyakalla, baradi ba maqai ba didietsa.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 1:20
15 Referencias Cruzadas  

Yaba ke otlollela letsoho la ka hodima hao, ka fokotsa seo ke neng ke o abetse sona, ka o neela matleng a ba o hloileng, e leng baradi ba Bafilesta, ba neng ba le dihlong ka metsamao ya hao e ditshila.


ke mohla bokgopo ba hao bo neng bo eso ho hlanolwe, jwalokaha ho kile ha eba teng mohla o nyefolwang ke baradi ba Siria le bohle ba ba teetseng hare, le ke baradi ba Bafilesta ba neng ba o hlapaola ka nqa tsohle.


Taba eo le se ke la e tumisa Gathe; le ho lla, le se ke la lla! Bethe-Leafra (ntlo ya lerole) ke itshela ka lerole!


Yaba Jafeta o kgutlela Mitspe, tlung ya hae; mme bonang, moradi wa hae a tla mo kgahlanyetsa, ka meropa le ka mehobelo e le yena ngwana ya mong ho Jafeta, a se na mora leha e le moradi, haese yena.


Yaba moya wa Jehova o a mo tlela ka matla; a theohela Ashkelone, a bolaela teng banna ba mashome a mararo; a ya le ntho tsa bona, mme a nea ba hlalositseng selotho sa hae diaparo tsa bona. A tlala bohale, mme a kgutlela tlung ya ntatae.


Jonathane a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re tshelele ho ya qhobosheaneng ya maqai ano; mohlomong Jehova a ka re thusa; hobane ha ho kamoo Jehova a ka sitwang kateng, ho pholosa ka ba bangata, leha e le ka ba seng bakae.


Davida a re ho banna bao a emeng le bona: Ho tla etsetswang monna ya ka bolayang Mofilesta eo, ya tlosang nyediso Iseraeleng na? Mofilesta eo wa leqai ke motho ya jwang, ha a nyedisa makgotla a Modimo o utlwang?


Tau le yona bere, mohlanka wa hao o di bolaile; mme Mofilesta eo wa leqai o se a ya ba jwaloka tsona, hobane o nyedisitse makgotla a Modimo o utlwang.


Yare mohla ho boelwang hae, ha Davida a kgutla polaong ya Mofilesta, basadi ba tswa ka metse yohle ya Iseraele, ho tla kgahlanyetsa morena Saule ka meropa le diphala, ba bina, ba hobela, ba thabile.


Ebile Saule o re ho lehlahana la hae: Pshemola sabole ya hao, o mpolaye ka yona, esere mohlomong maqai ao a tla, a mpolaye, mme a ntshoma. Empa lehlahana la hae la hana, hobane le ne le tshohile haholo. Ebile Saule o nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.


Ke tsena ditshwantsho tsa kgauta tsa diso, tseo Bafilesta ba di ntsheditseng Jehova ka mokgwa wa sehlabelo sa molato, se seng e le sa Ashdode, se seng e le sa Gasa, se seng e le sa Ashkelone, se seng e le sa Gathe, se seng e le sa Ekrone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos