Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 1:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Oho Iseraele, ba batle ba hao ba bolailwe diphahameng tsa hao! Dinatla di wele jwang?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 “Kgabane ya hao, wena Iseraele, e bolaetswe hodima thaba tsa hao; bona kamoo dinatla di weleng kateng!

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 1:19
11 Referencias Cruzadas  

Saule le Jonathane ba ne ba rateha, ba kgahleha ho pheleng ha bona; le ho shweng ha bona ha ba ka ba kgaohanngwa; ba ne ba le lebelo ho feta dintsu, ba le matla ho feta ditau.


Dinatla di wele jwang bohareng ba ntwa? Jonathane o bolaetsweng diphahameng tsa hao?


Dinatla di wele jwang? Dihlomo tsa ntwa di timetse jwang?


Mehleng eo, lehlomela la Jehova le tla hlaha bokgabaneng le kganyeng, tholwana ya lefatshe e be kganya le kgabiso ho Baiseraele ba phonyohileng.


O medile pela hae jwaloka lehlomela, le jwaloka motso o tswang mobung o omeletseng. O ne a se na sebopeho, leha e le bokgabane; re mo tadimile, mme o ne a se na ponahalo eo re neng re ka kgahliswa ke yona.


Morena o kgurumeditse moradi wa Sione keng ka kgalefo? Kganya ya Iseraele o e dihile lehodimong, a e lahlela fatshe; tsatsing la kgalefo ya hae ha a ka a hopola bonamelo ba maoto a hae.


Moqhaka o wele dihloohong tsa rona; ho madimabe rona, hobane re sitilwe.


Yaba ke nka thupa ya ka e bitswang Mohau, ke a roba, ke tle ke kgaole selekane sa ka seo ke neng ke se entse le ditjhaba kaofela.


Yaba ke alosa dinku tse bolawang, hara tsona ho le tse fokolang tsa mohlape, mme ka inkela thupa tse pedi, e nngwe ka e rea Mohau, e nngwe ka e rea Ditlamo, ka ba ka alosa mohlape.


Hosasa, ha Bafilesta ba tla hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba bararo ba wele thabeng ya Gilboa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos