Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 1:19 - BIBELE

19 “Kgabane ya hao, wena Iseraele, e bolaetswe hodima thaba tsa hao; bona kamoo dinatla di weleng kateng!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Oho Iseraele, ba batle ba hao ba bolailwe diphahameng tsa hao! Dinatla di wele jwang?

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 1:19
11 Referencias Cruzadas  

“Saule le Jonathane, dikgabane le baratehi, ha ba a arohana ha ba phela leha ba shwele; belo la bona le ne le feta la ntsu, matla a bona a feta a lekakuba.


“Bona kamoo dinatla di weleng, di weleng thekong ya ntwa! Jonathane o bolailwe, o bolaetswe thabeng tsa hao!


“Bona kamoo dinatla di weleng kateng! Kamoo hlomo tsa ntwa di setseng swalabahla!”


Mehleng eo Lehlomela la Morena le tla atleha le tlokome. Setjhaba sohle sa Iseraele se ileng sa phonyoha se tla thabela dijalo tse behwang ke naha.


Mohlanka wa Morena o metse pela hae jwaloka lehlomela, jwaloka motso o melang mobung o omeletseng. O na hloka sebopeho kapa bokgabane ba ho re hohela, ha re mo tadima bopeho sa hae se sa re kgahle.


Bonang kamoo Morena a halefileng kateng! O sithabeditse Sione ka leru le letsholetsho! Tlotla ya Iseraele o e lahletse fatshe, a e lahlela fatshe e theoha lehodimong. Mohla tsatsi leo la kgalefo ya hae, ha a a ka a hopola bonamelo ba maoto a hae.


Meqhaka e wele hloohong tsa rona, re madimabe, hobane re sitilwe.


Yaba ke nka molamu wa ka o bitswang Mohau, ke o roba dikoto tse pedi; ka mokgwa o jwalo ka fedisa selekane seo Morena a neng a se entse le ditjhaba tsohle.


Kahoo ke ile ka alosa mohlape o tla hlajwa, haholoholo o neng o tlatlapuwa. Ka nka melamu e mmedi: O mong ka re ke Mohau, o mong ka re ke Kutlwano; yaba ke alosa mohlape jwalo.


Ka le hlahlamang, ha Bafilesita ba tlilo hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba bararo ba bolaetswe thabeng ya Gileboa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos