Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 9:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ebile Saule o re ho mohlanka wa hae: Empa, ha o bona, leha re ka ya, monna eo re ka mo isetsang? Hobane bohobe bo neng bo le mekotleng ya rona bo fedile, mme ha re na mpho eo re ka e neang monna wa Modimo; re na le eng?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Yaba Saule o re ho mohlanka wa hae: “Empa bona mona, haeba re eya teng, monna eo re tla mo nea eng? Ha ho sa na mofao mekotlaneng ya rona, mme ha ho mpho eo re tla e nea monna eo ya halalelang. Re na le eng?”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 9:7
10 Referencias Cruzadas  

Yaba morena o re ho monna wa Modimo: A re ye le wena hae, o je dijonyana, mme ke o nee teboho e nngwe.


O nke mahobe a leshome le dinkgwa le pitsa ya dinotshi ka matsoho a hao, mme o kene ka ho yena; o tla o bolella se tla hlahela ngwana.


Yaba ho tla monna wa Baale-Shalisha, a tlisetsa monna wa Modimo bohobe ba dithakangwaha, e le mahobe a mashome a mabedi a harese, le diqwapi tse tala mokotleng wa hae. Elisha a re: Beela batho bana, ba tle ba je.


A kgutlela ho monna wa Modimo, a ena le sehlopha sa hae kaofela, a tla, a ema pela hae, a re: Bona, ke a tseba hobane ha ho Modimo lefatsheng lohle, haese Iseraeleng; jwale ke re, o amohele teboho ya mohlanka wa hao.


Morena wa Siria a re: Tloha, o tsamaye, ke o rome ka lengolo ho morena wa Iseraele. Yaba o tloha, a nkile ditalenta tse leshome tsa silefera, le ditjhelete tse dikete tse tsheletseng tsa kgauta, le diaparo tse leshome tsa mokete.


Morena a re ho Hasaele: Nka mpho, o ye, o kgahlanyetse monna wa Modimo, o botse Jehova ka yena, o re: Ana ke tla fola lefung lena na?


Hasaele a ya, a mo kgahlanyetsa, a tshwere mpho eo, e le tsohle tse molemo tsa Damaseka, tse belesitsweng dikameleng tse mashome a mane; a ya, a ema pela hae, a re: Ben-Hadade, mora hao, morena wa Siria, o nthometse ho wena, a re: Ana ke tla fola lefung lena na?


Le ntlhompholotse pela setjhaba sa ka, ka baka la dikakolo tsa harese le dingwatho tsa bohobe, ka ho bolaya meya e neng e sa tshwanela ho shwa, le ka ho pholosa meya e neng e sa tshwanela ho phela, le ka ho thetsa setjhaba sa ka se mamelang leshano.


O se ke wa tloha mona, ke eso ho kgutlele ho wena, ka o tlisetsa nyehelo ya ka, ka e bea pela hao. Eo a re: Ke tla dula, o be o boye.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos