Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 9:7 - BIBELE

7 Yaba Saule o re ho mohlanka wa hae: “Empa bona mona, haeba re eya teng, monna eo re tla mo nea eng? Ha ho sa na mofao mekotlaneng ya rona, mme ha ho mpho eo re tla e nea monna eo ya halalelang. Re na le eng?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ebile Saule o re ho mohlanka wa hae: Empa, ha o bona, leha re ka ya, monna eo re ka mo isetsang? Hobane bohobe bo neng bo le mekotleng ya rona bo fedile, mme ha re na mpho eo re ka e neang monna wa Modimo; re na le eng?

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 9:7
10 Referencias Cruzadas  

Jwale kgosi ya re ho moporofeta wa Modimo: “A re ye le wena ha ka, o yo ja, mme ke tla o putsa.”


O nke dinkgwa tse leshome, le mangangajane a morara, le lekuka le tshetseng mahe a dinotshi, o ye ho yena. O tla o bolella se tla hlahela ngwana.”


Monna e mong a fihla, a etswa Baale-Shalesha, a tliseditse moporofeta wa Modimo bohobe ba dilopotsiya, e le dinkgwa tsa harese tse mashome a mabedi, le diako tsa koro, a di kentse kahara seroto sa hae. Elisha a re: “Di fe batho bana, ba je.”


Jwale a kgutlela ho moporofeta wa Modimo, a ena le sehlopha sohle sa hae, a fihla a ema kapele ho yena, a re: “Jwale ke a tseba hore lefatsheng lohle ha ho na Modimo, haese naheng ya Iseraele feela. Ka baka leo, ke a o rapela: Amohela mpho ya teboho, e tswang ho mohlanka wa hao.”


Kgosi ya Arame ya re: “Tsamaya, o ye hona teng, mme nna ke tla ngolla kgosi ya Iseraele.” Naamane a tsamaya a nkile silefera e etsang boima ba dikilo tse makgolo a mararo le mashome a mane, le kgauta e etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng, le mefuta e leshome ya diaparo tse ntle.


Kgosi ya re ho Hasaele: “Nka mpho, o yo e nea moporofeta eo wa Modimo, mme a mpotsetse Morena, hore na ke tla fola.”


Hasaele a ya ho moporofeta, a mo isetsa mpho ya dintho tsohle tse ntle, tsa Damaseka: E le diphahlo tse bofilweng dikameleng tse mashome a mahlano. Hasaele a fihla a ema kapele ho moporofeta, a re: “Mora wa hao, Bene-Hadade, kgosi ya Arame, o nthomile ho wena, o re: ‘Na ke tla fola?’ ”


Na le tla ntlontlolla setjhabeng sa ka hore le tle le kgaketswe harese, le fuwe le dithathana tsa bohobe, ebe le bolaya meya e neng e sa lokela ho shwa, le phedisa e neng e lokela ho shwa, ka ho thetsa setjhaba sa ka se utlwang mashano aa a lona?


Se ke wa tloha mona, ke a o rapela, ho fihlela ke ba ke kgutlela mona ho wena, ke o tlisetsa nyehelo ya ka, ke e bea kapele ho wena.” Morena a re: “Ke tla ema mona ho fihlela o ba o kgutla.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos