Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 9:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Eo a mpa a re ho Saule: Bona hle, monna wa Modimo o teng motseng wane; ke monna ya hlomphuwang; tsohle tseo a di buang di ye di etsahale; a re ye teng jwale; ekaba o tla re bolella tsela ya rona eo re ka tsamayang ka yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Mohlanka a re ho yena: “Bona mona, motseng ona ho na le monna ya halalelang, mme ke motho ya hlomphehang. Tsohle tseo a di bolelang, ruri di ye di phethahale. Jwale a re ye hona teng; mohlomong a ka re bolella ho hong malebana le leeto lena leo re leng hara lona.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 9:6
16 Referencias Cruzadas  

Mme kajeno, ha ke fihla sedibeng, ka re: Jehova, Modimo wa mong a ka Abrahama, ha o ka fela wa ithatela ho atlisa tsela ya ka eo ke tsamayang ho yona,


Morena a eketsa a re ho moprista Tsadoke: Na ha o utlwisise? Ipoelle hae ka kgotso, le Akimaatse mora hao, le Jonathane mora Abiathare, bara ba lona ba babedi.


Yaba monna e mong wa Modimo o tloha Juda, ka taelo ya Jehova, a tla Bethele, Jeroboame a ntse a eme pela aletare, a tjhesa dibano.


Eitse Elisha, monna wa Modimo, ha a utlwa hobane morena wa Iseraele o hahotse diaparo tsa hae, a romela ho morena, a re: O haholetseng diaparo tsa hao? A ke a tle ho nna; o tla tseba hobane moporofeta o teng Iseraeleng.


Monna wa Modimo a re: Se wetse kae? Yare hobane eo a mo supise, Elisha a rema thupa, a e akgela hona teng, a phahamisa selepe.


Na motho ke ofe ya tshabang Jehova? Jehova o tla mmontsha tsela eo a tshwanetseng ho ikgethela yona.


Esale nna ke tiisang lentswe la mohlanka wa ka, ke etsahatsang ditaba tsa ba romilweng ke nna, ke bolelang hore Jerusalema o tla hahuwa, le hore metse ya Juda e tla boela e hahuwe, mme ke tla tsosa dithako tsa yona;


Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa feta.


Ke yona hlohonolofatso Moshe eo monna wa Modimo, a hlohonolofaditseng bana ba Israele ka yona, a eso ho shwe.


Le dipaki, le Modimo ke yona, tsa mokgwa o halalelang, o lokileng, o se nang molato, oo re le entseng ka wona, lona ba dumetseng.


Le ba hlomphe haholoholo ka lerato, ka baka la tshebetso ya bona. Dudisanang hammoho ka kgotso.


Haele wena he, monna wa Modimo, sesefa ntho tseo, mme o mathele ho loka, le borapedi, le tumelo, le lerato, le mamello, le mosa.


Yaba monna e mong wa Modimo o tla ho Eli, a re ho yena: Jehova o re: Ha ke re, nkile ka itshenolela ba ntlo ya ntatao, ha ba sa le Egepeta, ha Faro;


Teng, mohlanka a boela a arabela Saule, a re: Ho sa setse ho nna karolo ya bone ya shekele ya silefera; ke tla e nea monna wa Modimo, hore a tle a re bolelle tsela ya rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos