Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 7:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Metse eo Bafilesta ba neng ba e hapile ea Iseraele, ya boela ho Iseraele, ho qala ka Ekrone, ho isa Gathe, le naha tsa teng; Baiseraele ba di hapa matsohong a Bafilesta, mme kgotso ya eba teng mahareng a Baiseraele le Baamore.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Metse yohle eo Bafilesita ba neng ba e hapile ho Baiseraele ya boela ho Baiseraele hape, ho tloha Ekerone ho ya fihla Gate, mme Baiseraele ba lopolla naha ya bona matsohong a Bafilesita. Jwale kgotso ya eba teng pakeng tsa Baiseraele le Baamore.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 7:14
8 Referencias Cruzadas  

Kamora tseo, Davida a fenya Bafilesta, a ba kokobetsa, mme a amoha Bafilesta Gathe le metsana ya naha ya teng.


Hape, ha ba ka ba fedisa ditjhaba, jwalokaha Jehova a ne a ba laetse,


Baamaleke ba ahile ka nqa borwa; Bahethe, le Bajebuse, le Baamore ba ahile dithabeng; Bakanana bona, ba ahile pela lewatle le mabapa le Jordane.


O tla fedisa ditjhaba tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a tla o neela tsona; mahlo a hao a se ke a di qenehela, mme o se ke wa sebeletsa medimo ya tsona, hobane hoo e ka ba leraba ho wena.


ha Jehova, Modimo wa hao, a se a di neetse matsohong a hao, mme o di qhadile, o ke o di neele anathema; o se ke wa etsa selekane le tsona, mme o se ke wa di qenehela.


Ebile marena a mahlano a Baamore, morena wa Jerusalema, le morena wa Hebrone, le morena wa Jarmuthe, le morena wa Lakishe, le morena wa Eglone, a phutheha hammoho, a futuha, a ya ka makgotla wohle a wona, a emisa pela Gibeone, a mo lwantsha.


Moo, moedi o fetela pele mabapa le Ekrone, nqa leboya; moedi o ntoo leba Shikrone, o fetele pele ka thaba ya Baala, o ye ho fihla Jabneele, o ntoo fella lewatleng.


Sisera a balehela ka maoto tenteng ya Jaele, mosadi wa Hebere, Mokene; hobane kgotso e ne e le teng mahareng a Jabine, morena wa Hatsore, le ntlo ya Hebere, Mokene.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos