Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 7:14 - BIBELE

14 Metse yohle eo Bafilesita ba neng ba e hapile ho Baiseraele ya boela ho Baiseraele hape, ho tloha Ekerone ho ya fihla Gate, mme Baiseraele ba lopolla naha ya bona matsohong a Bafilesita. Jwale kgotso ya eba teng pakeng tsa Baiseraele le Baamore.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Metse eo Bafilesta ba neng ba e hapile ea Iseraele, ya boela ho Iseraele, ho qala ka Ekrone, ho isa Gathe, le naha tsa teng; Baiseraele ba di hapa matsohong a Bafilesta, mme kgotso ya eba teng mahareng a Baiseraele le Baamore.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 7:14
8 Referencias Cruzadas  

Kamora tsena, Davida a hlola Bafilesita, a ba busa, mme a ba amoha Gate le metsana ya yona.


Ha ba a ka ba timetsa ditjhaba jwalokaha Morena a ne a ba laetse;


Baamaleke ba ahile naheng ya Negebe. Bahete, le Bajebuse, le Baamore, ba ahile dithabeng. Bakanana ba ahile pela lewatle, le pela noka ya Jorodane.”


Ditjhaba tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a tla neelana ka tsona matsohong a lona, le tla di timetsa. Le se ke la di hauhela, le se ke la sebeletsa medimo ya tsona, hobane hona e tla ba leraba ho lona.”


Ha Morena Modimo wa lona, a le neela ditjhaba tsena, le tla di hlola, ebe le di timetsa ho hang. Le se ke la etsa selekane le ditjhaba tseo, leha e le ho di utlwela bohloko.


Dikgosi tsena tse hlano tsa Baamore, e leng kgosi ya Jerusalema, le kgosi ya Heborone, le kgosi ya Jaremute, le kgosi ya Lakishe, le kgosi ya Egelone, tsa ikopanya, tsa nyoloha le mabotho a tsona wohle, tsa hloma malebana le Gibeone, tsa e futuhela.


Moedi ona wa leba leropong la Ekerone le ka leboya, wa sehwa ho ya fihla Shikarone, wa fetela thabeng ya Baala, wa fetela le Jabeneele, wa ya fella lewatleng.


Empa Sisera a hlanola tlhabela ho ya fihla tenteng ya Jaele, mosadi wa Hebere wa Mokene, hobane kgotso e ne e le teng pakeng tsa Jabine, kgosi ya Hasore, le lelapa la Hebere wa Mokene.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos