Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 7:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Kahoo, Bafilesta ba kokobetswa, ba se ke ba hlola ba etla naheng ya Iseraele, mme letsoho la Jehova la eba boima hodima Bafilesta ka ditshiu tsohle tsa Samuele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Bafilesita ba hlolwa, mme ba se ke ba hlola ba kena naheng ya Baiseraele. Morena a lwantsha Bafilesita ka matsatsi wohle a ho phela ha Samuele.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 7:13
12 Referencias Cruzadas  

Kamora tseo, Davida a fenya Bafilesta a ba kokobetsa, a amoha Bafilesta motse o mong wa moreneng.


Yaba bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme Jehova a ba neela matsohong a Bafilesta ka dilemo tse mashome a mane.


Hobane, bona, o tla emara, o tswale moshanyana; lehare le ke ke la mmeola hlooho, hobane ngwana e tla ba monasari wa Modimo, a sa le popelong ya mmae: ke yena ya tla qala ho namolela Iseraele matsohong a Bafilesta.


Bamidiane ba kokobetswa jwalo pela bana ba Iseraele; mme ha ba ka ba hlola ba emisa dihlooho tsa bona. Mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a mane mehleng ya Gideone.


Yaba Jehova o roma Jerubbaale, le Bedane, le Jafeta, le Samuele, a le namolela matsohong a dira tsa lona kahohle, la ba la aha ka kgotso.


Yare e sa iswa, letsoho la Jehova la hlahisa tsietsi e kgolo motseng, a otla banna ba motse ba baholo le ba banyenyane, ba tswa diso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos