Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 18:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Basadi bao ha ba letsa, ba dumelana, ba re: Saule o bolaile dikete tsa hae, Davida yena o bolaile mashome a dikete tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Basadi ba neng ba etsa motjeko ba ne ba bina, ba re: “Saule o bolaile ba hae ba dikete, Davida yena o bolaile ba kete tsa dikete.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 18:7
8 Referencias Cruzadas  

Setjhaba sa re: Tjhe, o ke ke wa ya; hobane leha re baleha, ba ke ke ba re letho ka rona; leha halofo ya rona re ka shwa, le teng ba ke ke ba re letho ka rona; athe wena o ka leshome la dikete tsa rona; ho ka ba hotle jwale, leha o ka re tlatsa o etswa motseng.


Mantswe a mang a Davida a ho qetella ke wona ana: Ho bolela Davida, mora Jese; ho bolela monna ya phahamiseditsweng hodimo, motlotsuwa wa Modimo wa Jakobo, moroki ya kgahlehang wa Iseraele.


Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba letsa pela Jehova ka diletsa tsa mefutafuta tse entsweng ka difate tsa kiprese, ka diharepa, le diviole, le meropa, le diterompeta, le disimbala.


Miriame a dumellana le bona, a re: Rokang Jehova, hobane o itlotlisitse le ho itlotlisa; o dihetse pere le mopalami wa yona lewatleng.


Bahlanka ba Akishe ba re ho yena: Na eo hase Davida, morena wa lefatshe na? Na hase yena eo ba neng ba dumelana, ba hobela, ba re: Saule o bolaile dikete tsa hae, Davida yena o bolaile kete tsa hae tse mashome na?


Davida a nahana taba tseo pelong ya hae, a tshaba Akishe, morena wa Gathe, haholo.


Na hase Davida elwa eo ba neng ba dumelana, ha ba hobela, ba re: Saule o bolaile kete tsa hae, Davida yena o bolaile dikete tsa hae tse mashome na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos