Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 18:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Saule a hlonama haholo ke hona, mme ntswe leo la mo kgobohetsa, a re: Ba neile Davida mashome a dikete, mme nna ba nneile dikete feela; jwale, ha a sa hloka letho, haese mmuso feela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Saule a halefa haholo, a se ke a thabiswa ke puo ena, mme a re: “Ba re Davida o bolaile ba dikete tsa dikete, empa nna ba re ke bolaile ba dikete! Eba o sa saletswe ke eng, haese mmuso feela?”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 18:8
16 Referencias Cruzadas  

Banababo ba mo honohela, empa ntatae a nahana taba eo.


Yaba banababo ba re ho yena: Hleka o re, o tla rena hodima rona na? kapa o tla fela o re buse na? Ba eketsa ho mo hloya ka baka la ditoro tsa hae, le ka baka la dipolelo tsa hae.


Morena Salomone a araba mmae, a re: O qellelang Adonija Abishage wa Shuneme? Ha o mo qelle mmuso keng, hobane ke moholwane wa ka? O qelle yena le moprista Abiathare, le Joabe mora Tseruja!


Eitse ha Hamane a bona hobane Mordekai a sa iname, a sa kgumame pela hae, Hamane a tlala bohale.


Boikgohomoso bo hlahisa phapang feela; empa bohlale bo ho ba mamelang keletso.


Bohale bo soro, hlonamo ke ho tlala ha noka; haele lefufa, ke mang ya tla ema pela lona?


Ke bone hobane mokgathala wohle le mesebetsi yohle e metle ya batho e ntse e hlahisa mona le mohono. Hoo le hona ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.


Setjhaba sa korotla, mme ha eba hobe ditsebeng tsa Jehova; Jehova a utlwa, mme kgalefo ya hae ya tuka; mollo wa Jehova wa tuka hara bona, wa qeta karolo ya diahelo e kamorao.


Balaame a re ho lengeloi la Jehova: Ke sitilwe kahobane ke ne ke sa tsebe hoba o eme pela ka tseleng; mme jwale, ha o nnyatsa, ke tla kgutla.


Na le lekanya hoba Lengolo le bolela lefeela na? Moya o ikahetseng ho rona na o re isa mohonong na?


Jwale, borena ba hao bo ke ke ba tiya; Jehova o ikgethetse monna e mong ya pelong ya hae; Jehova o se a mo kgethile hore e be morena wa setjhaba sa hae, kahobane ha o a ka wa boloka seo Jehova a o laetseng sona.


Samuele a re ho yena: Le wona mmuso wa Iseraele Jehova o o hahotse jwalo hodima hao kajeno, o o neile wa heno ya o fetang ka bokgabane.


Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a mo tlotsa hara banababo, mme moya wa Jehova wa tshwara Davida, ho qala tsatsing lona leo. Samuele a ntoo tloha, a ikela Rama.


Saule a honohela Davida ke hona, haesale mohlang oo, ho ya ho ile.


Ebile Saule o bua le Jonathane mora hae, le bahlanka ba hae bohle, hore ba bolaye Davida; Jonathane, mora Saule, o ne a mpa a rata Davida haholo.


Hobane, mora Jese ha a ntse a phela lefatsheng, ho ke ke ha tiya wena, leha e le borena ba hao. Romela jwale ho ya ntshwarela yena; hobane o lokelwa ke ho shwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos